YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 8

8
1Jesu yena a ya Thabeng ya Mehlwaare. 2Kameso a boela a fihla ka Tempeleng. Setjhaba sohle sa tla ho yena, mme a dula, a se ruta. 3Jwale Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba tlisa mosadi ya tshwerweng ka bofebe, ba mo emisa kapele ho bona, 4ba re ho Jesu: “Moruti, mosadi enwa o tshwerwe a ntse a feba. 5Molaong Moshe o laetse hore ba jwalo re ba tlepetse ka majwe; wena o reng?” 6Ba ile ba rialo ka ho mo leka, hore ba be le seo ba ka mo qosang ka sona.
Empa Jesu a inama, a ngola fatshe ka monwana. 7Ha ba ntse ba phehelletse ho mmotsa, a inamoloha, a re ho bona: “Ya se nang sebe ho lona, a mmetse pele ka lejwe!” 8A inama hape, a ngola fatshe.
9Ha ba utlwa, ba tswa ka bonngwe ho qala ka ba baholo, mme ba mo siya a le mong, mosadi a ntse a le moo. 10Yare ha Jesu a inamoloha, a re ho yena: “Mosadi, ba kae? Ha ho ya o tswileng?”
11A re: “Ha a yo, Morena.”
Jesu a re: “Le nna ha ke o tswe; eya, mme ho tloha jwale o se ke wa hlola o etsa sebe.”
Jesu ke lesedi la lefatshe
12Jesu a boela a bua le bona, a re: “Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang ha a ka ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.”
13Bafarisi ba re ho yena: “O a ipakela; bopaki ba hao hase ba nnete.”
14Jesu a ba araba, a re: “Leha ke ipakela, bopaki ba ka ke ba nnete, kahobane ke tseba moo ke tswang teng le moo ke yang teng, empa lona ha le tsebe moo ke tswang teng, kapa moo ke yang teng. 15Lona le ahlola ho ya ka nama, nna ha ke ahlole motho. 16Empa leha nka ahlola, kahlolo ya ka ke ya nnete, hobane ha ke nnotshi, empa ke na le Ntate ya nthomileng. 17Esita le Molaong wa lona ho ngotswe hore bopaki ba batho ba babedi ke ba nnete. 18Ke nna ya ipakelang, le Ntate ya nthomileng o a mpakela.”
19Jwale ba re ho yena: “Ntatao o kae?”
Jesu a araba, a re: “Ha le ntsebe, le Ntate ha le mo tsebe; hoja le ne le ntseba, le Ntate le ka be le mo tseba.” 20Dipolelo tsena o ne a di bua a le polokelong ya matlotlo, a ruta ka Tempeleng, mme ha ho ya ileng a mo tshwara, hobane nako ya hae e ne e eso fihle.
Moo ke yang, le ke ke la tla
21A re ho bona hape: “Ke a tsamaya; le tla mpatla, mme le tla shwela sebeng sa lona; moo ke yang teng, le ke ke la tla.”
22Bajuda ba re: “Na ke hobane o tla ipolaya, ha a re: ‘Moo ke yang teng, le ke ke la tla?’ ”
23A re ho bona: “Lona le ba tlase mona, nna ke wa hodimo; lona le ba lefatshe lena, nna ha ke wa lefatshe lena. 24Ke ka baka leo ke itseng ho lona: Le tla shwela dibeng tsa lona, hobane ha le sa dumele hore e ntse e le nna, le tla shwela dibeng tsa lona.”
25Ba re ho yena: “O mang?”
Jesu a re ho bona: “Hantle ke buelang le lona? 26Ke na le tse ngata tseo nka di buang ka lona le ho le ahlola, empa ya nthomileng ke wa nnete, mme tseo ke di utlwileng ho yena, ke di bua lefatsheng.”
27Ha ba a ka ba utlwisisa hore o bua le bona ka Ntate. 28Jesu a re: “Ha le se le phahamisitse Mora Motho, ke hona le tla tseba hore e ntse e le nna, le hore ha ke etse letho ka bonna, empa ke bua ditaba tsena jwalokaha Ntate a nthutile tsona. 29Ya nthomileng o na le nna; ha a ya ntlohela ke nnotshi, hobane ke etsa tse mo kgahlisang kamehla.” 30Ha a ntse a bua tsena, ba bangata ba dumela ho yena.
Nnete e tla le lokolla
31Jwale Jesu a re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: “Ha le tiisetsa lentsweng la ka, le barutuwa ba ka kannete; 32le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.”
33Ba mo araba, ba re: “Re ditloholo tsa Aborahama, mme ha re eso ka re eba makgoba a motho le ka mohla. O bolela jwang ha o re: ‘Le tla lokoloha’?”
34Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete, ke a le bolella hore e mong le e mong ya etsang sebe ke lekgoba la sebe. 35Lekgoba ha le dule tlung kamehla; mora o dula teng kamehla. 36Jwale ha Mora a le lokolla, le tla be le lokolohile ka sebele. 37Ke a tseba hore le ditloholo tsa Aborahama, empa le batla ho mpolaya, hobane lentswe la ka ha le fumane sebaka ka ho lona. 38Ke bua seo ke se boneng ho Ntate; lona le etsa seo le se utlwileng ho ntata lona.”
Ntata lona ke Diabolosi
39Ba mo araba, ba re: “Ntata rona ke Aborahama.”
Jesu a re ho bona: “Hoja le bana ba Aborahama, le ka be le etsa diketso tsa Aborahama, 40empa jwale le batla ho mpolaya, ke le motho ya le boleletseng nnete eo ke e utlwileng ho Modimo; hona Aborahama ha a ka a ho etsa. 41Lona le etsa diketso tsa ntata lona.”
Ba re ho yena: “Ha re a tswalwa ka bohlola; re na le Ntate a le mong, e leng Modimo.”
42Jesu a re ho bona: “Ha Modimo e ne e le Ntata lona, le ka be le nthata, hobane ke tlile ke etswa ho Modimo; ha ke a tla ka bonna, empa ke yena ya nthomileng. 43Ke hobaneng ha le sa utlwisise puo ya ka? Ke kahobane le ke ke la utlwa lentswe la ka. 44Le tswa ho ntata lona, Diabolosi, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena e bile mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane ha ho nnete ka ho yena. Ha a bua leshano, o bua tseo e leng tsa hae, kahobane o leshano, ke raleshano. 45Empa, hobane ke bolela nnete, ha le ntumele. 46Ke mang ho lona ya ka mpeang molato wa sebe? Ha ke bolela nnete, ke ka baka lang ha le sa ntumele? 47Ya tswang ho Modimo o utlwa dipolelo tsa Modimo; ke ka baka lena le sa utlweng, hobane ha le tswe ho Modimo.”
Jesu o bile teng pele ho Aborahama
48Bajuda ba mo araba, ba re: “Na ha re nepe ha re re, o Mosamaria, mme o na le modemona?”
49Jesu a araba, a re: “Ha ke na modemona, empa ke hlompha Ntate, mme lona le a ntlhompholla. 50Nna ha ke ipatlele tlotla; o teng ya e batlang, ya ahlolang. 51Kannetenete, ke a le bolella, ha motho a boloka lentswe la ka, ha a ka ke a shwa le ka mohla.”
52Bajuda ba re ho yena: “Jwale re a tseba hore o na le modemona. Aborahama o shwele, le baporofeta ba shwele, empa o re: ‘Ha motho a boloka lentswe la ka, ha a ka ke a shwa le ka mohla.’ 53Na wena o moholo ho ntata rona Aborahama, ya shweleng? Le baporofeta ba shwele. O iketsa mang?”
54Jesu a araba, a re: “Ha ke itlotlisa, tlotla ya ka hase letho; ya ntlotlisang ke Ntate, eo le reng ke Modimo wa lona, 55empa ha le mo tsebe; nna ke a mo tseba. Ha nka ka re ha ke mo tsebe, ke tla ba leshano jwaloka lona, empa ke a mo tseba, mme ke boloka lentswe la hae. 56Aborahama, ntata lona, o ile a nyakallela hore a bone letsatsi la ka, a ba a le bona, mme a thaba.”
57Bajuda ba re ho yena: “Ha o eso be le dilemo tse mashome a mahlano, na o bone Aborahama na?”
58Jesu a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, Aborahama a eso tswalwe, nna e ne e se ntse e le nna.” 59Yaba ba nka majwe ho mmetsa ka wona, empa Jesu a tswa ka Tempeleng, a ipata.

Currently Selected:

JOHANNE 8: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy