YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 5

5
Phodiso letshaneng
1Kamora tsena ha eba le mokete wa Bajuda, mme Jesu a nyolohela Jerusalema. 2Moo Jerusalema, haufi le Kgoro ya Dinku, ho na le letshana, le bitswang Bethestha ka Seheberu, le nang le mathule a mahlano. 3Tlasa wona ho ne ho paqama bakudi ba bangata: difofu, le diritsa, le ba shweleng ditho, ba lebeletse ho fuduhuwa ha metsi, 4hobane ka nako tse ding lengeloi la Morena le ne le ye le theohele letshaneng, le fuduhe metsi, mme ya kenang pele kamora ho fuduhuwa ha metsi, o ne a fodiswa bohlokong bofe le bofe boo a ka bang le bona. 5Monna e mong o ne a le teng ya kutseng dilemo tse mashome a mararo a metso e robedi. 6Ha Jesu a mmona a paqame moo, mme a tseba hore e se e le nako e telele a kula, a re ho yena: “Na o rata ho fola?”
7Mokudi a mo araba, a re: “Monghadi, ha ke na motho ya nkenyang letshaneng ha metsi a fuduhuwa; e ye ere ke sa ya, e mong a theohele pele ho nna.”
8Jesu a re ho yena: “Tsoha, nka diphate tsa hae, o tsamaye.” 9Motho eo a fola hanghang, a nka diphate tsa hae, mme a tsamaya.
Letsatsi leo e ne e le la Sabatha. 10Ka hona Bajuda ba re ho ya fodisitsweng: “Ke Sabatha, mme ha ho dumellehe hore o nke diphate tsa hao.”
11Empa a ba araba, a re: “Ya mphodisitseng, ke yena ya itseng ho nna: ‘Nka diphate tsa hao, o tsamaye.’ ”
12Ba mmotsa, ba re: “Motho ya itseng ho wena: ‘Nka diphate o tsamaye,’ ke mang?”
13Empa ya fodisitsweng o ne a sa tsebe hore na ke mang, hobane Jesu o ne a tlohile, kaha ho ne ho ena le letshwele sebakeng seo.
14Kamora tsena Jesu a mo fumana ka Tempeleng, mme a re ho yena: “Bona, o fodile; o se ke wa hlola o etsa sebe, esere mohlomong wa hlahelwa ke ho hobe ho feta.” 15Monna eo a tloha, mme a bolella Bajuda hore ke Jesu ya mo fodisitseng.
16Ka baka leo, Bajuda ba hlorisa Jesu kahobane a entse tsena ka Sabatha. 17Empa Jesu a ba araba, a re: “Ntate o ntse a sebetsa ho fihlela jwale, mme le nna ke a sebetsa.” 18Ka baka lena, Bajuda ba eketsa ho batla ho mmolaya, e seng feela hobane a tlola molao wa Sabatha, empa a bile a itse, Modimo ke Ntatae ka sebele, a iketsa ya lekanang le Modimo.
Matla a Mora
19Jesu a boela a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, Mora a ke ke a etsa letho ka boyena, haese seo a bonang Ntatae a se etsa, hobane eng le eng eo Ntatae a e etsang, le Mora o a e etsa. 20Ntate o rata Mora, o mmontsha tsohle tseo a di etsang, mme o tla mmontsha mesebetsi e meholo ho feta ena, hore le tle le makale. 21Jwalokaha Ntate a tsosa bafu, a ba phedisa, le Mora o phedisa jwalo bao a ratang ho ba phedisa. 22Ntate ha a ahlole motho, empa o neile Mora tokelo yohle ya ho ahlola, 23hore bohle ba hlomphe Mora jwalokaha ba hlompha Ntatae. Ya sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntatae ya mo romileng.
24“Kannetenete, ke a le bolella hore ya utlwang lentswe la ka, a dumela ho ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng. Ha a ahlolwe, empa o tswile lefung, a kena bophelong. 25Kannetenete, ke a le bolella: Nako e a tla, mme e se e fihlile, eo ka yona bafu ba tla utlwa lentswe la Mora wa Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela. 26Jwalokaha Ntate a ena le bophelo ka ho yena, o neile le Mora ho ba le bophelo ka ho yena. 27O mo neile matla a ho ahlola, hobane ke Mora Motho.
28“Se makalleng hona, hobane nako e a tla, eo ka yona bohle ba ka mabitleng ba tla utlwa lentswe la hae, 29mme ba tla tswa, ba entseng tse molemo ba tsohele bophelo, ba entseng tse kgopo ba tsohele kahlolo.”
Dipaki tsa Jesu
30“Nke ke ka etsa letho ka bonna; ke ahlola kamoo ke utlwang kateng, mme kahlolo ya ka e lokile, hobane ha ke batle ho etsa thato ya ka, empa thato ya ya nthomileng.
31“Ha ke ipakela, bopaki ba ka hase ba nnete; 32e mong o teng ya mpakelang, mme ke tseba hore bopaki boo a mpakelang ka bona ke ba nnete.
33“Le rometse ho Johanne, mme o pakile nnete; 34nna ha ke amohele bopaki ba motho, empa ke bolela tsena hore le pholoswe. 35Yena e ne e le lebone le tukang, le kganyang, mme lona le ile la rata ho nyakalla leseding la hae nakwana.
36“Empa nna ke na le bopaki bo fetang ba Johanne, hobane mesebetsi eo Ntate a nneileng yona hore ke e phethe, yona mesebetsi eo ke e etsang, e a mpakela hore Ntate o nthomile; 37le Ntate ya nthomileng o mpaketse. Ha le eso ka le utlwa lentswe la hae, leha e le ho bona hore na o jwang, 38mme lentswe la hae ha le dule ka ho lona, kahobane ha le dumele eo a mo romileng. 39Le fuputsa Mangolong, hobane le hakanya hore ka wona le na le bophelo bo sa feleng, athe ke wona a mpakang, 40empa ha le rate ho tla ho nna hore le be le bophelo.
41“Ha ke amohele tlotla ho batho, 42empa ke a le tseba: Ha le na lerato la Modimo ka ho lona. 43Ke tlile ka lebitso la Ntate, mme ha le nkamohele; ha e mong a ka itlela ka lebitso la hae, le tla mo amohela. 44Le ka dumela jwang, lona ba tlotlisanang, empa le sa batle tlotla e tswang ho Modimo ya inotshi?
45“Le se ke la hopola hore ke tla le qosa ho Ntate; ya le qosang ke Moshe, eo le mo tshepileng. 46Hoja le dumetse Moshe, le ka be le ntumetse, hobane o buile ka nna. 47Empa ha le sa dumele seo a se ngotseng, dipolelo tsa ka le tla di dumela jwang?”

Currently Selected:

JOHANNE 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy