YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 1

1
Lentswe la fetoha motho
1Tshimolohong Lentswe le ne le le teng. Lentswe le ne le le ho Modimo, mme Lentswe e ne e le Modimo. 2Le ne le le ho Modimo tshimolohong.
3Dintho tsohle di bile teng ka lona, mme ha ho letho le bileng teng haese ka lona. 4Bophelo bo ne bo le ka ho lona, mme bophelo e ne e le lesedi la batho; 5lesedi le kganya lefifing, empa lefifi ha le a ka la le hlola.
6Monna o ne a le teng, ya romilweng ke Modimo, lebitso la hae e le Johanne. 7Monna enwa a tlela ho paka tsa lesedi, e le hore bohle ba dumele ka yena. 8Yena e ne e se lesedi leo, empa o ne a tlile hore a pake tsa lesedi. 9Lesedi la nnete le bonesetsang motho e mong le e mong, le ne le etla lefatsheng.
10Lentswe le ne le le lefatsheng, mme lefatshe le bile teng ka lona, empa lefatshe ha le a ka la le tseba. 11Le ne le tlile hahabo lona, empa ba habo lona ha ba a ka ba le amohela. 12Empa bohle ba le amohetseng, e leng ba dumelang ho lona, le ba neile tokelo ya ho fetoha bana ba Modimo, 13ba sa kang ba tswalwa ka madi, kapa ka thato ya nama, kapa ka thato ya monna, empa ba tswetswe ke Modimo.
14Lentswe ya eba motho, la aha hara rona, mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate.
15Johanne o mo pakile, mme a howa, a re: “Enwa ke yena, eo ke neng ke mmolela, ha ke re: ‘Ya tlang kamorao ho nna o mpheta ka boholo, hobane o bile teng pele ho nna.’ ” 16Mohaung wa hae o kgaphatsehang, rona bohle re amohetse mohau hodima mohau, 17hobane Molao o neilwe batho ka Moshe, empa mohau le nnete di bile teng ka Jesu Kreste. 18Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla; Mora ya tswetsweng a nnotshi, eo e leng Modimo, ya leng sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng Modimo.
Bopaki ba Johanne Mokolobetsi
(Mat. 3:1-12; Mar. 1:2-8; Luka 3:15-17)
19Bopaki ba Johanne ke bona, mohla Bajuda ba romileng baprista le Balevi ho yena ba etswa Jerusalema, hore ba mmotse: “O mang?” 20A bolela, a sa latole, a re: “Nna ha ke Kreste.”
21Ba mmotsa, ba re: “Ha ho le jwalo o mang? Na o Elia?”
A re: “Ha ke yena.”
“Na o Moporofeta?”
A araba, a re: “Tjhe.”
22Jwale ba re ho yena: “O mang he? Re tshwanetse ho ya nea ba re romileng karabo. O reng ha o ipolela?”
23A re:
“Nna ke lentswe
la ya howang feelleng, le reng:
‘Otlollang mmila wa Morena!’
“jwalokaha moporofeta Esaya a ne a bolele.”
24Ba neng ba romilwe e ne e le ba Bafarisi. 25Ba mmotsa, ba re: “Ha o se Kreste, o se Elia, o se Moporofeta, keng ha o kolobetsa?”
26Johanne a ba araba, a re: “Nna ke kolobetsa ka metsi; hara lona ho eme eo le sa mo tsebeng, 27ya tlang kamorao ho nna, eo nna ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la moqathatso wa hae.”
28Tsena di ile tsa etsahala Bethania, mose ho Jorodane, moo Johanne a neng a kolobeletsa teng.
Konyana ya Modimo
29Ka la hosasane Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: “Bonang Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe! 30Enwa ke yena eo ke neng ke bua ka yena, ha ke re: ‘Kamorao ho nna ho tla monna ya mphetang ka boholo, hobane o bile teng pele ho nna.’ 31Ha ke a ka ka mo tseba, empa ke tlile ke kolobetsa ka metsi hore a senolelwe Iseraele.”
32Johanne a paka, a re: “Ke bone Moya o theoha lehodimong o ka leeba, mme o dula hodima hae. 33Ha ke a ka ka mo tseba, empa ya nthomileng ho kolobetsa ka metsi, o itse ho nna: ‘Eo o bonang Moya o theohela, mme o dula hodima hae, ke yena ya kolobetsang ka Moya o Halalelang.’ 34Ke bone, mme ke a paka hore ke yena Mora wa Modimo.”
Barutuwa ba pele
35Ka la hosasane hape, Johanne o ne a eme le barutuwa ba hae ba babedi. 36Yare ha a bona Jesu a feta, a re: “Bonang Konyana ya Modimo!”
37Barutuwa ba hae ba babedi ba utlwa ha a bua, mme ba latela Jesu. 38Jesu ha a reteleha, mme a ba bona ba mo latetse, a re ho bona: “Le batlang?”
Ba re ho yena: “Rabbi,” ke ho re: Moruti: “o dula kae?”
39A re ho bona: “Tloong, le bone.”
Ba ya, ba bona moo a dulang teng, mme ba hlola le yena letsatsi leo; e ne e ka ba hora ya bone mantsiboya.
40Andrease, ngwanabo Simone Petrose, e ne e le e mong wa ba babedi ba utlwileng Johanne, ba latetseng Jesu. 41Andrease a qala ka ho batla ngwanabo, Simone, a re ho yena: “Re fumane Mesia,” ke ho re: Kreste.
42A mo isa ho Jesu. Jesu a mo tadima, a re: “O Simone, mora Johanne; o tla bitswa Kefase,” ke ho re: Petrose.
Jesu o bitsa Filipi le Nathanaele
43Ka la hosasane Jesu a rera ho ya Galelea, mme a fumana Filipi. A re ho yena: “Ntatele!”
44Filipi e ne e le wa Bethesaida, e leng motse wa habo Andrease le Petrose. 45Filipi a fumana Nathanaele, mme a re ho yena: “Re fumane eo Moshe a ngotseng ka yena Molaong, le baporofeta ba ngotseng ka yena, e leng Jesu, mora Josefa wa Nasaretha.”
46Nathanaele a re ho yena: “Na ho na le ho molemo ho ka tswang Nasaretha?”
Filipi a re ho yena: “Tloo, o bone.”
47Jesu a bona Nathanaele a etla ho yena, a bua ka yena: “Bonang Moiseraele wa nnete, eo ho se nang mano ho yena!”
48Nathanaele a mmotsa, a re: “O ntsebella kae?”
Jesu a mo araba, a re: “Ke o bone pele Filipi a o bitsa o le katlasa sefate sa feiye.”
49Nathanaele a mo araba, a re: “Rabbi, o Mora wa Modimo, o Kgosi ya Iseraele.”
50Jesu a mo araba, a re: “Na o dumela kahobane ke o boleletse hore ke o bone tlasa sefate sa feiye? O tla bona tse kgolo ho feta tsena.” 51A re ho yena: “Kannetenete, ke a le bolella, le tla bona lehodimo le bulehile, mme mangeloi a Modimo a nyoloha, a theohela hodima Mora Motho.”

Currently Selected:

JOHANNE 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy