YouVersion Logo
Search Icon

JAKOBO 1

1
Tumediso
1Nna Jakobo, mohlanka wa Modimo le wa Morena Jesu Kreste, ke dumedisa ba meloko e leshome le metso e mmedi, e qhalakaneng hohlehohle.
Tumelo le bohlale
2Bana beso, ikukeng le le ba lehlohonolo, ha le feta hara diteko tsa mefutafuta, 3hobane le a tseba hore ho lekwa ha tumelo ya lona ho tswala mamello. 4Mamello e ke e hlahise mosebetsi o phethehileng, e le hore le be batho ba phethehileng ka ho tlala, ba sa hlokeng letho. 5Haeba e mong wa lona a hloka bohlale, a ke a bo kope ho Modimo ya fang bohle ka matsoho a mabedi, a sa kganane, mme o tla bo fuwa. 6Feela a bo kope ka tumelo, a sa belaele letho, hobane ya belaelang o tshwana le leqhubu la lewatle le tsokotswang ke moya. 7Motho ya jwalo a se ke a lekanya hore o tla fuwa letho ke Morena, 8hobane ke motho ya sa tsebeng moo a emeng teng, ya sa tsitsang ditseleng tsohle tsa hae.
Bofutsana le maruo
9Ngwanabo rona ya eisehang a be motlotlo ha a phahamisetswa bodumeding. 10Ya ruileng le yena a be motlotlo ha a eiswa ka ho ba modumedi, hobane o tla fela jwaloka palesa ya jwang. 11Ha letsatsi le tjhaba ka lebatama la lona, bo a omella, palesa ya bona e wela fatshe, mme botle ba bona bo a fela. Le yena morui o tla fela jwalo, a ntse a le hara merero ya hae.
Teko le meleko
12Ho lehlohonolo motho ya mamellang teko, hobane ha a se a amohelehile, o tla fumana mofapahlooho wa bophelo, oo Morena a o tshepisitseng ba mo ratang.
13Ho se be motho, eo ekareng ha a le molekong, a re: “Ke lekwa ke Modimo.” Modimo ha a lekwe ke bobe, mme le yena ha a leke motho le ya mong. 14Empa e mong le e mong o lekwa ha a hulwa, mme a hohelwa ke ditakatso tsa hae. 15Jwale ha takatso e mpe e se e emere, e tswala sebe, mme ha sebe se se se phethehile, se tswala lefu.
16Bana beso ba ratehang, le se ke la ithetsa. 17Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le mpho e nngwe le e nngwe e phethehileng, di tswa hodimo, di theoha ho Ramasedi, eo ho yena ho seng phetoho leha e le phifalo. 18Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be ho kang matsibolo hara dibopuwa tsa hae.
Ho utlwa le ho phetha lentswe la Modimo
19Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa, 20hobane motho ya halefileng a ke ke a etsa ho lokileng pela Modimo. 21Ka baka leo, le lahle tsohle tse manyala le bokgopo bo fetisisang, mme ka boikokobetso le amohele lentswe la Modimo le jetsweng ka dipelong tsa lona, le nang le matla a ho le pholosa.
22Le be baphethi ba lentswe leo, e seng bautlwi feela, ba ithetsang ka bobona. 23Ha motho e le moutlwi wa lentswe la Modimo, empa e se mophethi wa lona, o tshwana le motho ya shebang tshobotsi ya hae ka seiponeng, 24mme ere hoba a itjhebe, a ikele, a lebale hanghang hore o ne a le jwang. 25Ya shebisisang molao o phethehileng wa tokoloho, ya pheellang ho wona, a sa fetohe moutlwi ya lebalang, empa e le mophethi wa mosebetsi, motho eo o tla fumana lehlohonolo ho seo a se etsang.
26Ha motho a nahana hore ke morapedi, feela a sa tshware leleme la hae, a ithetsa, borapedi boo ba hae ke ba lefeela. 27Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.

Currently Selected:

JAKOBO 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy