YouVersion Logo
Search Icon

HAGAI 1

1
Taelo ya ho tsosa Tempele
1Ka letsatsi la pele la kgwedi ya botshelela, ka selemo sa bobedi sa puso ya kgosi Dariuse, lentswe la Morena la fihla ka moporofeta Hagai ho Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda; le ho Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, la re:
2Morena wa mabotho o bua tjena: “Setjhaba sena se re: ‘Nako ya ho tsosa Tempele ya Morena ha e eso fihle!’ ”
3Yaba Morena o bua ka molomo wa moporofeta Hagai, o re: 4“Na ee ke yona nako ya hore lona le dule matlung a kgabisitsweng, ha Tempele ee yona e ntse e le dithako?”
5Ka baka leo, Morena wa mabotho o re: “Itekoleng he! 6Le jetse haholo, empa la kotula hanyenyane; le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; le ya amohelang moputso, moputso oo ha o mo thuse ka letho.”
7Morena wa mabotho o re: “Itekoleng he! 8Hlwellang dithabeng, le reme difate, le tlo tsosa Tempele e tla nkgotsofatsa, mme kahoo ke tlotliswe,” ho rialo Morena.
9“Le ne le lebeletse tjhai e ngata, empa bonang! le kotutse hanyenyane feela. Kotulo eo le e tlisitseng hae, ke ile ka e senya. Ke ka lebaka lang ke entseng jwalo?” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke entse jwalo ka baka la Tempele ya ka, e ntseng e le dithako, athe e mong le e mong wa lona yena o thahasella ntlo eo e leng ya hae. 10Ke ka baka leo lehodimo le sa le nesetsang pula, le lefatshe le sa le medisetsang dijo. 11Ke omeleditse naha, le dithaba, le masimo a koro, le a morara, le a mohlwaare, le tsohle tse mediswang ke mobu; ka bolaisa batho le diphoofolo lenyora, le mesebetsi yohle ya matsoho a batho ka e nyopisa.”
Setjhaba se mamela taelo ya Morena
12Yaba Serubabele, mora wa Shealetiele, le Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, le masalla wohle a setjhaba, ba mamela lentswe la Morena Modimo wa bona, le molaetsa wa moporofeta Hagai, hobane a ne a ronngwe ke Morena Modimo wa bona. Setjhaba sa tshaba Morena haholo.
13Jwale Hagai, leqosa la Morena, a phatlalletsa setjhaba molaetsa wa Morena, a re: “Ke na le lona,” ho rialo Morena. 14Morena a susumetsa Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda; a susumetsa le Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, le masalla wohle a setjhaba. Yaba ba a tla, ba qala ho haha Tempele ya Morena wa mabotho, Modimo wa bona. 15Tsena di etsahetse ka la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya botshelela, ka selemo sa bobedi sa puso ya kgosi Dariuse.

Currently Selected:

HAGAI 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy