YouVersion Logo
Search Icon

BAGALATA 1

1
Tumediso
1Nna Paulosi, maopostola ya sa rongwang ke batho, kapa ke motho, empa ya romilweng ke Jesu Kreste le Modimo Ntate ya mo tsositseng bafung, 2nna le bana babo rona bohle, re dumedisa dikereke tsa Galatia, re re:
3Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona. 4Kreste o itetse ka baka la dibe tsa rona, hore a tle a re lopolle lefatsheng lena le kgopo, ho ya ka thato ya Modimo Ntata rona. 5Tlotla e ke e iswe ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!
Molaetsa o molemo o mong feela
6Ke makatswa ke ha le phakisa ho furalla ya le bitsitseng ka mohau wa Kreste, mme le ineela molaetseng osele. 7Hase hore ho teng o mong osele, empa ho teng ke batho ba le ferekanyang, ba ratang ho sokamisetsa molaetsa o molemo wa Kreste hosele. 8Empa ha e mong, leha e ka ba rona kapa lengeloi le tswang lehodimong, a ka le bolella molaetsa o fapaneng le oo re le boleletseng wona, a ke a rohakehe. 9Jwalokaha re se re ile ra rialo pele, le jwale ke sa boela ke rialo: Ha e mong a le bolella molaetsa o fapaneng le oo le o amohetseng, a ke a rohakehe.
10Na ebe ke rialo ho kgahlisa batho kapa Modimo? Na ebe ke batla ho thabisa batho? Hoja ke sa ntsane ke thabisa batho, nka be ke se mohlanka wa Kreste.
Kamoo Paulosi e bileng moapostola kateng
11Bana beso, ke le tsebisa hore molaetsa o molemo oo ke o boletseng, hase o qapilweng ke motho, 12hobane ha ke a ka ka o newa kapa ka o rutwa ke motho, empa ke o senoletswe ke Jesu Kreste.
13Efela le utlwile tsa metsamao ya ka ya mehleng e fetileng, ke sa le wa tumelo ya Sejuda, le kamoo ke nnileng ka hlorisa Kereke ya Modimo hampe kateng, ke leka ho e fedisa. 14Ke ne ke feta thaka tsa ka tse ngata tsa setjhaba sa heso ka ho boloka tumelo ya Sejuda, ke boulela meetlo ya baholoholo haholo. 15Empa yare ha ya nkgethileng ke sa le popelong ya mme, ya mpitsitseng ka mohau wa hae, a kgahlwa 16ke ho ntshenolela Mora wa hae, hore ke tle ke bolele molaetsa o molemo wa hae hara baditjhaba, ka se ke ka batla keletso ho motho. 17Le teng, ha ke a ka ka nyolohela Jerusalema ho bao e bileng baapostola pele ho nna, empa ke ile ka ikela Arabia, ka nto kgutlela Damaseka hape.
18Kamora mona, hoba ho fete dilemo tse tharo, ka nyolohela Jerusalema ho ya tsebana le Kefase. Ka hlola le yena matsatsi a leshome le metso e mehlano, 19empa ha ke a ka ka bona baapostola ba bang, haese Jakobo, ngwanabo Morena. 20Modimo o a tseba hore tsena tseo ke le ngollang tsona hase leshano. 21Yaba ke ya dinaheng tsa Siria le Silesia. 22Dikereke tsa Kreste tse Judea di ne di eso bone sefahleho sa ka; 23di ne di utlwile feela ha ho thwe: “Ya neng a re hlorisa mehleng e fetileng, jwale o bolela molaetsa o molemo wa tumelo eo a neng a leka ho e fedisa.” 24Tsa tlotlisa Modimo ka baka la ka.

Currently Selected:

BAGALATA 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy