YouVersion Logo
Search Icon

DIPROVERBIA 1

1
1Dipuo tsa Salomone, mora Davida, morena wa Iseraele, 2tsa ho ruta bohlale le tayo, ho hlahlisa dipuo tse maele, 3ho ratisa thuto ya kelello, ya ho loka, ya kutlwisiso, ya toka; 4ho hlalefisa sethoto, ho nea mohlankana tsebo le kelello. 5Ya bohlale a utlwe, mme o tla eketsa tsebo; ya hlalefileng le yena o tla ithuela masene, 6hore a utlwisise maele le dipuo tse tebileng, le ditaba tsa ba bohlale, le thuto tsa bona tse patilweng.
7Ho tshaba Jehova ke motheo wa tsebo; empa ba mawatla ba nyedisa bohlale le thuto.
8Mora wa ka, mamela thuto ya ntatao, o se ke wa furalla tayo ya mmao; 9hobane e tla ba meqhaka e o kgabisang hlooho, le letjekwana le bohehang molaleng wa hao.
10Mora ka, ekare ha baetsadibe ba rata ho o hoka, o se ke wa ba wa dumela. 11Ha ba re: Tloo le rona, re yo lalla ho tsholla madi, re tjhehe ba se nang molato, re ba bolaye feela; 12re ba metse jwaloka nqalo ya bafu, ba sa utlwa; kaofela ha bona ba be jwaloka bao ba hohlomelang mokoting; 13ke moo re tla fumana matlotlo a bohlokwa, re tlatse matlo a rona ka thepa e hapilweng; 14o ikopanye le rona, mme re tla teanela ditjhelete mokotleng o le mong. 15Mora ka, o se ke wa ya ka tsela ya bona, o fapose leoto la hao mmileng wa bona. 16Hobane maoto a bona a mathela bobeng, ba thootheletswe ho tsholla madi. 17Ruri, leraba le tjhehelwa lefeela pela mahlo a dinonyana; 18athe bona ba lalla madi a bona, ba tjheha ho phela ha bona. 19Ke yona taba ya bohle ba ineelang leruo, hobane le ja bophelo ba monga lona.
20Bohlale bo meketsa kantle, bo tlerola ka lentswe le leholo mapatlelong; 21bo howa mabaleng a marata, pela menyako ya motse; bo tumisa ditaba tsa bona hara motse, 22bo re: Helang, lona dithoto, le tla rata bothoto ho le hokae na? Ho tla nne ho be hokae na basomi ba thabelang ho soma, mme mahlanya a hloya tsebo na? 23Bakang ka kgalemelo ya ka, mme bonang, ke tla le tshollela moya wa ka, ke le rute ditaba tsa me.
24Erekaha ke hoile, mme le hanne ho utlwa, ka ba ka otlolla le letsoho la ka, ho se motho ya kileng a lemoha; 25erekaha le bile la nyedisa keletso ya ka, le sa ka la sekehela kgalemelo ya ka tsebe; 26le nna ke tla tsheha ditsietsi tsa lona, ke some mohla le hlahelwang ke matsoso, 27mohla matsoso a le hlahelang jwaloka difefo, le ditlokotsi di le mathelang jwaloka ditsokotsane, mme mahlomola le mapalesapelo a le sithabeditse; 28mohlang oo, ba tla bitsa ho nna, empa ha nka ke ka araba; ba tla mpatla e sa le kameso, empa ba ke ke ba mphumana. 29Kahobane ba hloile tsebo, ba sa ka ba ikgethela ho tshaba Jehova; 30ba hanne keletso ya ka, ba nyedisitse kgalemelo tsohle tsa ka; 31jwale, ba tla ja ditholwana tsa mekgwa ya bona, ba kgore merero ya bona. 32Hobane ho kgeloha ha dithoto ke ho di bolayang, ho iketla ha mahlanya ke ho a timetsang. 33Empa haele ya nkutlwang, yena o tla ikahela ka kgotso, a se na ho tsoha kotsi.

Currently Selected:

DIPROVERBIA 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy