YouVersion Logo
Search Icon

OBADIA 1

1
Ho porofetwa phediso ya Edomo.
1Tshenolo ya Obadia.
Morena Jehova o bolela tsena hodima Edomo, o re: Re utlwile taba e tswang ho Jehova, mme lenqosa le romilwe hara ditjhaba, le re: Tsohang! A re tsoheng ho mo futuhela! 2Bona, ke o entse e monyenyane hara ditjhaba, o nyediswa haholoholo. 3Boikgohomoso ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya ahileng mafarung a mafika, tlung ya hao e phahameng, o reng ka pelong ya hao: Ke mang ya tla ntihela fatshe? 4Leha o ka haha ntlo ya hao e phahameng, jwaloka ntsu, leha o ka e bea hara dinaledi, le teng ke tla o dihela, ho bolela Jehova. 5O senyeditswe hakakang! Hoja ke mashodu a keneng ha hao, hoja ke dinokwane, ha ke re, ba ka be ba utswitse tse ba lekanang feela? Hojane ba kotulang merara ba kene ha hao, ha ke re, ba ka be ba siile dikgwahlapiso? 6Athe Esau o batlisiswa hakakang! ho pheheletswe hakakang matlotlo a hae a patilweng! 7Banna bohle bao o entseng selekane le bona ba o kgutliseditse moeding wa hao; banna ba nang le kgotso le wena ba o thetsitse, ba o phomile; ba neng ba eja bohobe ba hao, ba o tjheketse mamena. Ha ho kutlwisiso ho yena! 8Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova, na nke ke ka timetsa ba bohlale naheng ya Edomo, le kutlwisiso thabeng ya Esau? 9Dinatla tsa hao, Themane, di tla thothomela, ho tle ho fediswe banna bohle thabeng ya Esau ka polao.
10Ka baka la bolotsana boo o bo entseng ho ngwaneno Jakobo, o tla apeswa ka dihlong, o timeletswe ruri, ho isa ka ho sa yeng kae. 11Tsatsing lela leo o neng o eme pela hae, tsatsing lela leo dira di neng di ya le maruo a hae, mme baditjhaba ba kena ka dikgoro tsa hae, ba laola Jerusalema ka ditaola, le wena o ne o le jwaloka e mong wa bona. 12Se kgahlwe ke letsatsi la ngwaneno, ke letsatsi la tsietsi ya hae; se thabele ho fela ha bara ba Juda ka letsatsi la ho fela ha bona; se ahlamise molomo wa hao ka boikgohomoso ka letsatsi la tsietsi. 13O se ke wa kena ka kgoro ya setjhaba sa ka ka letsatsi la tlokotsi ya sona; se kgahlwe ke bohloko ba sona ka letsatsi la tlokotsi ya sona; o se ke wa isa matsoho a hao matlotlong a sona ka letsatsi la tlokotsi ya sona. 14O se ke wa ema makopanong a ditsela ho timetsa batho ba sona ba balehang, o se ke wa neela dira ba phonyohileng ba sona ka tsatsi la tsietsi. 15Hobane letsatsi la Jehova la ho ahlola ditjhaba tsohle le haufi. Seo o se entseng o tla se etswa le wena, ketso tsa hao di boele hodima hlooho ya hao. 16Hobane jwalokaha le nwele thabeng ya ka e kgethehileng, ditjhaba tsohle di tla nne di nwe, di inwelle, di kwenye, di be di be jwaloka hoja di sa ka tsa eba teng.
17Empa ba pholohileng ba tla ba teng thabeng ya Sione; e tla ba nqalo e kgethehileng, mme ba ntlo ya Jakobo ba tla rua tse neng di ruilwe ke ditjhaba tseo. 18Ntlo ya Jakobo e tla ba mollo, ntlo ya Josefa e be lelakabe, ntlo ya Esau e be jwaloka matlakala; ba tla e tjhesa, ba e timetse, ho ke ke ha phela le a mong wa ntlo ya Esau, hobane Jehova o boletse. 19Ba ka nqa borwa ba tla rua thaba ya Esau, ba lehwatata ba rue Bafilesta. Ba tla rua le naha ya Efraime, le naha ya Samaria, Benjamine yena a rue Gileade. 20Ba lekgotla leo la bana ba Iseraele ba isitsweng kgolehong, ba tla rua naha ya Bakanana ho isa Sarepta; ba Jerusalema ba isitsweng kgolehong Sefarade, ba rue metse e ka nqa borwa. 21Bapholosi ba tla nyolohela thabeng ya Sione, ho ahlola thaba ya Esau, mme mmuso e tla ba wa Jehova.

Currently Selected:

OBADIA 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy