YouVersion Logo
Search Icon

MAREKA 1

1
Thuto ya Johanne Mokolobetsi.
1Tshimoloho ya Evangeli ya Jesu Kreste, Mora wa Modimo. 2Jwalokaha ho ngodilwe ke moporofeta Esaia, ho thwe: Bona, ke roma lenqosa la ka pela sefahleho sa hao, le tla o etella pele ho o lokisetsa tsela; 3lentswe la ya howang feelleng le re: Hlekang mmila wa Morena, le lokise ditsela tsa hae.
4Johanne o ne a le feelleng, a kolobetsa, a bolela kolobetso ya pako, ya ho tshwarelwa dibe. 5Batho bohle ba naha ya Judea le ba Jerusalema, ba ne ba tswela ho yena, mme ba ne ba kolobetswa bohle ke yena nokeng ya Jordane, ba ntse ba ipolela dibe.
6Johanne o ne a apere boya ba kamele, a itlamile letheka ka leqhaama la letlalo, a eja ditsie le dinotshi tsa naha. 7O ne a bolela, a re: Ho sa tla kamorao ho nna e mong ya mphetang kamatla, eo ke sa lokelang ho inama pela hae ho lokolla leqhwele la dieta tsa hae. 8Haele nna ke le kolobeditse ka metsi, empa yena, o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang.
Kolobetso le moleko wa Jesu Kreste.
9Mehleng eo, Jesu a tswa Nasaretha, motse wa Galelea, mme a kolobetswa ke Johanne nokeng ya Jordane. 10A re a sa tswa metsing, a bona lehodimo le phetlwa, mme Moya o theohela hodima hae o ka leeba. 11Mme lentswe le tswang mahodimong la utlwahala, la re: Ke wena Mora wa ka, ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.
12Yaba Moya o phakisa o kgannela Jesu feelleng. 13A nna a ba feelleng ka matsatsi a mashome a mane, a lekwa ke Satane; o ne a le hara dibatana, mme mangeloi a ne a mo sebeletsa.
Qalo ya thuto ya Jesu. — Pitso ya barutuwa ba bane.
14Hobane Johanne a kenngwe teronkong, Jesu a tla Galelea, a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo; 15a re: Nako di phethehile, mmuso wa Modimo o atametse; bakang, mme le dumele Evangeli.
16Yare ha a sika le lewatle la Galelea, a bona Simone le Andrease, ngwanabo Simone, ba akgela matlowa a bona lewatleng; hobane e ne e le ba tshwasang dihlapi. 17Jesu a re ho bona: Ntateleng, ke tla le etsa ba tshwasang batho. 18Yaba ba phakisa ba tlohela matlowa a bona, ba mo latela. 19A tswela pejana, a fihlela Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo, ba rokahanya matlowa a bona sekepaneng. 20Yaba o phakisa a ba bitsa; ba tlohela ntata bona Sebedea sekepaneng le ba mo sebeletsang, mme ba mo latela.
Thuto ya Jesu sinagogeng ya Kapernauma. — O fodisa motho ya nang le motemona, — le mohwehadi wa Petrose, le ba bang.
21Ba kena Kapernauma; yare ka tsatsi la Sabatha, Jesu a kena sinagogeng a ruta. 22Mme ba tsota thuto ya hae, hobane a ne a ba ruta jwaloka motho ya nang le borena, e seng jwaloka bangodi.
23Sinagogeng ya bona, motho o ne a le teng ya kenweng ke moya o ditshila; a howa, 24a re: Taba ya rona le wena ke efe, wena Jesu wa Nasaretha? Hleka o tlile ho re timetsa na? Ke a o tseba, o Mohalaledi wa Modimo. 25Jesu a kgalemela moya oo, a re: Kgutsa, o tswe mothong eo. 26Yaba moya o ditshila o a mo sisinya, o ntse o howa ka lentswe le leholo, wa ntoo tswa ho yena. 27Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Keng hoo? Ke thuto e ntjha, e matla. O kgalemela le yona meya e ditshila, mme e a mo utlwa. 28Mme lebitso la Jesu la phakisa la tuma ka nqa tsohle naheng ya Galelea.
29Nakong eo, Jesu a tswa sinagogeng, a ya le Jakobo le Johanne tlung ya Simone le Andrease. 30Mohwehadi wa Simone o ne a robetse malaong, a jewa ke febere, mme ba phakisa ba mmolela ho Jesu. 31Jesu a atamela, a mo tshwara ka letsoho, mme a mo tsosa; yaba febere e mo tlohela kapele, a ba a ba sebeletsa.
32Yare mantsiboya, ha tsatsi le dikela, ha tliswa ho Jesu bohle ba seng monate le ba nang le batemona. 33Motse kaofela wa bokana pela monyako. 34A fodisa batho ba bangata ba jewang ke malwetse a mefutafuta, a leleka le batemona ba bangata; mme o ne a sa dumele ha batemona ba bolela hore ba mo tseba.
Jesu a ya le metse.
35Yare hosasa, a tsoha e sa le kameso, a tswa tlung, mme a ya feelleng, a rapela teng. 36Mme Simone le ba nang le yena ba ya mmatla. 37Yare ha ba mmona, ba mmolella, ba re: Bohle ba o batla. 38Jesu a re ho bona: A re yeng metseng e re teetseng hare, ke tle ke rute le teng, hobane ke tletse hona. 39A nna a ruta masinagogeng a bona, naheng yohle ya Galelea, a ntse a leleka le batemona.
Jesu o fodisa molepera.
40Motho ya jewang ke lepera a tla ho Jesu, a mo rapela, a kgumama ka mangwele pela hae, a re: Ha o rata, o na le matla a ho nntlafatsa. 41Jesu a mo utlwela bohloko, a nanabetsa letsoho la hae, a mo ama, a re ho yena: Ke a rata, o ntlafale. 42Yare ha a boletse jwalo, lepera la hla la tloha ho motho eo, mme a ntlafala. 43Jesu a mo laya ka matla, a ntoo mo kgutlisa kapele; 44a re ho yena: Bona! o se ke wa bolella motho letho; o mpe o ye, o ipontshe ho moprista, mme o ananele ntlafalo ya hao ka se laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona. 45Empa motho eo a tloha, a qala ho bolela taba tse ngata, a hasanya se entsweng, Jesu a ba a sitwa le ho kena metseng pepeneneng, a mpa a itulela kantle, feelleng; mme batho ba ne ba etswa kahohle, ba ya ho yena.

Currently Selected:

MAREKA 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy