YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 1

1
Mokgwa oo Luka a ngodileng ka wona.
1Erekaha ba bangata ba se ba lekile ho pheta ka hlomahanyo ditaba tse phethahetseng hara rona, 2kamoo re di neilweng kateng, ke ba iponetseng tsona ka sebele esale ho qaleng ha tsona, bao e bileng e leng bahlanka ba lentswe, 3le nna, eitse hobane ke botsisise ditaba tsohle ho tloha ho hlaheng ha tsona, ke re, ho a ntshwanela hore ke o ngolle tsona ka lenaneo la tsona, Theofile ya kgabane, 4o tle o tsebe ho tiya ha ditaba tseo o di rutilweng.
Tswalo ya Johanne Mokolobetsi le ya Jesu di a porofetwa.
5Mehleng ya Heroda, morena wa Judea, ho ne ho le moprista ya bitswang Sakaria, wa sehlopha sa Abia; mosadi wa hae e ne e le wa baradi ba Aarone, lebitso la hae e le Elisabetha. 6Ba ne ba lokile pela Modimo ba babedi, ba tsamaya melaong yohle le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se kamoo ba ka nyatsuwang kateng. 7Empa ba ne ba se na ngwana, kahobane Elisabetha e ne e le nyopa, hape ba ne ba se ba hodile ba babedi.
8Yare Sakaria ha a sebetsa tsa boprista pela Modimo ka tsatsi la sehlopha sa hae, 9kamoo e leng mokgwa wa boprista kateng, a abelwa ho kena tempeleng ya Morena ho tjhesa dibano. 10Bongata bohle ba setjhaba bo ne bo eme kantle, bo rapela nakong eo ho tjheswang dibano ka yona. 11Yaba lengeloi la Morena le ipontsha ho Sakaria, le eme lehlakoreng le letona la aletare ya dibano. 12Sakaria ha a le bona, a tshoha, mme tshabo ya mo wela hodimo. 13Empa lengeloi la re o yena: Se tshabe, Sakaria, hobane thapelo ya hao e utlwilwe, mme mosadi wa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne. 14E tla ba thabo le nyakallo ho wena, mme ba bangata ba tla thabela ho tswalwa ha hae. 15Hobane o tla ba moholo pela Morena, ha a ka ke a nwa veine le seno se tahang; o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae. 16O tla sokollela bana ba Iseraele ba bangata ho Morena, Modimo wa bona; 17o tla mo etella pele ka moya le ka matla a Elia, a tle a busetse dipelo tsa bontate baneng ba bona, le bahanyetsi bohlaleng ba ba lokileng, a tle a lokisetse Morena setjhaba se hlekehileng hantle. 18Sakaria a re ho lengeloi: Taba tseo ke tla di tseba kang? hobane ke se ke hodile, mosadi wa ka le yena o se a tsofetse. 19Lengeloi la araba, la re ho yena: Nna ke Gabriele, ya emang pela Modimo; ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella ditaba tsena tse monate. 20Mme bona, o tla ba semumu, o sitwe ho bua, ho be ho fihle matsatsi ao ditaba tseo di tla etsahala ka wona, kahobane o sa ka wa dumela dipolelo tsa ka, tse tla etsahala nakong ya tsona.
21Batho bona ba ne ba ntse ba lebeletse Sakaria kantle, ba maketse ke ho dieha ha hae ka tempeleng. 22Yare ha a etswa, a sitwa ho bua le bona, mme ba lemoha hobane o bone mohlolo tempeleng, le yena a ba lekanyetsa jwalo; mme a sala e le semumu.
23Yare matsatsi a tshebetso ya hae ha a fedile, a tloha, a kgutlela tlung ya hae. 24Kamora matsatsi ao, Elisabetha, mosadi wa hae, a emola, mme a ipata ka kgwedi tse hlano, a re: 25Ke sona seo Morena a nketseditseng sona, mohla a ntekotseng ho tlosa sekgobo sa ka hara batho.
26Ka kgwedi ya botshelela, lengeloi Gabriele la romelwa ke Modimo motseng o mong wa Galelea, o bitswang Nasaretha, 27ho morwetsana ya lebeleditsweng ke monna ya bitswang Josefa, wa ntlo ya Davida. Lebitso la morwetsana e ne e le Maria. 28Lengeloi la kena ho yena, la re: Dumela, mohauhelwa: Morena o na le wena! O lehlohonolo hara basadi! 29Maria, eitse ha a le bona, a tshoha ke polelo ya lona, mme a nahana hore tumediso ya lona e reng? 30Lengeloi la re ho yena: Maria, se tshohe, hobane o bone mohau ho Modimo. 31Bona, o tla emola, mme o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu. 32O tla ba moholo, mme o tla bitswa Mora wa Ya hodimodimo; Morena Modimo o tla mo nea terone ya Davida ntatae. 33O tla busa ntlo ya Jakobo ka ho sa feleng, mme borena ba hae ha bo ka ke ba eba le bofelo. 34Empa Maria a re ho lengeloi: Taba eo e tla etsahala jwang, athe ha ke tsebe monna? 35Lengeloi la araba, la re ho yena: Moya o Halalelang o tla theohela hodima hao, mme matla a Ya hodimodimo a tla o kgurumetsa; ka baka leo, ho halalelang ho tla tswalwa ke wena ho tla bitswa Mora Modimo. 36Mme bona, Elisabetha, motswalao, le yena o emere mora botsofading ba hae; kgwedi ena e se e le ya botshelela ya ya neng a bitswa nyopa. 37Hobane ha ho letho le ke keng la etswa ke Modimo. 38Maria a re: Bona, ke lekgabunyane la Morena, a nke ke etswe ka polelo ya hao! Yaba lengeloi le tloha ho yena.
Maria o etela Elisabetha. — Thoko ya Maria.
39Matsatsing wona ao, Maria a tloha, a phakisa a ya maloting, motseng o mong wa Juda. 40A kena tlung ya Sakaria, a dumedisa Elisabetha. 41Eitse Elisabetha ha a utlwa tumediso ya Maria, ngwana a hlasimoloha popelong ya hae. Yaba Elisabetha o tlala Moya o Halalelang, 42a phahamisa lentswe, a re: Ho lehlohonolo wena hara basadi, ho lehlohonolo le yona tholwana ya popelo ya hao. 43Mme ho ntlhahela kae ha ke etelwa ke mma Morena ka? 44O ka bona, lentswe la tumediso ya hao etsware ha le kena ditsebeng tsa ka, ngwana a hlasimoloha ke thabo popelong ya me. 45Ho lehlohonolo ya dumetseng; hobane ditaba tseo a di boleletsweng ke Morena di tla etsahala.
46Yaba Maria o re: Moya wa ka o rorisa Morena; 47moya wa ka o inyakalletse ho Modimo, Mmoloki wa me; 48hobane o tadimile bofutsana ba lekgabunyane la hae; mme jwale, meloko yohle e tla re, ke lehlohonolo, 49hobane Ya matla o nketseditse tse kgolo. Lebitso la hae le a halalela; 50mohau wa hae o melokong ya meloko ya ba mo tshabang. 51O sebeditse ka matla ka letsoho la hae; o qhalantse ba ikgohomositseng mehopolong ya dipelo tsa bona; 52o dihile babusi diteroneng tsa bona, mme o phahamisitse ba ikokobeditseng; 53ba lapileng o ba kgorisitse molemo, mme ba ruileng o ba kgutlisitse ba le feela; 54o hlokometse Iseraele, mohlanka wa hae, a tle a hopole mohau, 55oo a neng a o etsetse Abrahama le leloko la hae ka ho sa feleng, kamoo a neng a boleletse baholo ba rona kateng.
56Maria a hlola le Elisabetha dikgwedi tse batlileng ho ba tharo, a ntoo boela tlung ya hae.
Tswalo ya Johanne Mokolobetsi. — Thoko ya Sakaria.
57Elisabetha a hlahelwa ke nako ya hae ya ho beleha, mme a tswala mora. 58Ba ahisaneng le yena le bahabo ba utlwa hoba Morena o tumisitse mohau wa hae ka yena, ba thaba le yena. 59Ka tsatsi la boroba meno e le mmedi, ba tla ho bolotsa ngwana, mme ba mo rea Sakaria, lebitso la ntatae. 60Mmae a araba, a re: Tjhe, empa o tla rewa la Johanne. 61Ba re ho yena: Ha ho motho hara ba heno ya reilweng lebitso leo. 62Yaba ba lekanyetsa ntatae hore a ba tsebise lebitso leo a ratang ba ka mo rea lona. 63Sakaria, hobane a kope lematjana la ho ngola, a ngola, a re: Lebitso la hae ke Johanne. Mme ba makala kaofela. 64Ka nako yona eo molomo wa hae wa buleha, le leleme la raroloha, mme a bua, a boka Modimo. 65Ba ahisaneng le yena ba tshwarwa bohle ke tshabo; ditaba tseo tsa hasana kahohle maloting a Judea. 66Mme bohle ba di utlwang ba di boloka dipelong tsa bona, ba re: Ha ho le jwalo, ngwana eo e tla ba eng? Hobane letsoho la Morena le ne le le ho yena.
67Yaba Sakaria, ntatae, o tlala Moya o Halalelang, a porofeta, a re: 68Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, hobane o etetse setjhaba sa hae, mme o se lopolotse. 69O re tsoseditse lenaka la poloko tlung ya Davida, mohlanka wa hae; 70jwalokaha a ne a boletse ka molomo wa baporofeta ba halalelang ba hae, ba bileng teng mehleng ya pele, 71a re, o tla re lwela ho bao e leng dira ho rona, le matsohong a bohle ba re hloileng; 72hore a hauhele bontata rona, mme a hopole selekane sa hae se halalelang, 73e leng kano eo a neng a e anetse ntata rona Abrahama, 74ya hore, ha re lwetswe matsohong a bao e leng dira ho rona, re mo sebeletse, re sa tshabe letho, 75kgalalelong le ho lokeng, pontsheng ho yena, ka matsatsi wohle a ho phela ha rona. 76Haele wena, lesea, o tla bitswa moporofeta wa Ya hodimodimo; hobane o tla etella sefahleho sa Morena pele, ho lokisa ditsela tsa hae, 77o tle o nee setjhaba sa hae tsebo ya poloko, tshwarelong ya dibe tsa bona, 78ka baka la pelo e mohau wa Modimo wa rona, eo mafube a meso a lehodimo a re etetseng ka yona, 79hore a bonese ba dutseng lefifing le moriting wa lefu, mme a tsamaise maoto a rona tseleng ya kgotso.
80Haele ngwana, a nna a hola, a ipha matla moyeng; a nna a dula mafeelleng, ha ba ha fihla letsatsi leo a hlahileng pela Iseraele ka lona.

Currently Selected:

LUKA 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy