YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 7

7
Ho se dumele ha banababo Jesu.
1Kamora tseo, Jesu a nna a ya le Galelea; hobane a ne a sa rate ho ya le Judea, ke hobane Bajuda ba ne ba batla ho mmolaya.
2Mokete wa Bajuda wa Metlotlwane o ne o le haufi. 3Yaba banababo ba re ho yena: Tloha mona, o ye Judea, barutuwa ba hao le bona ba tle ba bone mesebetsi eo o e etsang. 4Hobane motho a ke ke a etsa letho sephiring, a be a rate ho tsejwa; ha o etsa tseo, o iponahatse ho lefatshe. 5Hobane le bona banababo ba ne ba sa dumele ho yena. 6Jesu a re ho bona: Nako ya ka ha e eso ho tle; empa nako ya lona e ntse e le yona kamehla. 7Lefatshe le ke ke la le hloya; empa nna, le ntlhoile, hobane ke ntse ke le pakela hore mesebetsi ya lona e mebe. 8Lona, nyolohelang moketeng; nna ha ke eso ho be le ho nyolohela moketeng oo, kahobane nako ya ka ha eso ho phethehe. 9Eitse hobane a ba bolelle taba tseo, a itulela Galilea.
Jesu o ruta tempeleng, moketeng wa Metlotlwane. — Bajuda ba tsekisana ka yena.
10Empa banababo ha ba se ba nyolohile, le yena a nyolohela moketeng, e seng pontsheng, a mpa a ya ka mokgwa wa sephiri. 11Bajuda ba ne ba mmatla moketeng, ba re: Elwa o kae? 12Mme phapang e ne e le kgolo hodima hae hara setjhaba. Ba bang ba ne ba re: O molemo; ba bang ba re: Tjhe; empa o thetsa batho. 13Leha ho le jwalo, ho ne ho se motho ya buang tsa hae pepeneneng, ka baka la ho tshaba Bajuda.
14Ha e se e le mahareng a mokete, Jesu a nyolohela tempeleng, a ruta. 15Bajuda ba makala ke hona, ba re: Na eo o tseba Mangolo jwang, athe ha a ka a ithuta? 16Jesu a ba araba, a re: Thuto ya ka hase ya ka, empa e le ya ya nthomileng. 17Ekare ha motho a rata ho etsa thato ya hae, o tla tseba thuto hore na e tswa ho Modimo, kapa ke bua ke iqalla tsa ka. 18Ya iqallang tsa hae o ipatlela thoriso ya hae; empa ya batlang thoriso ya ya mo romileng, ke yena e leng wa nnete, mme bokgopo ha bo yo ho yena. 19Ha ke re, Moshe o le neile molao na? Leha ho le jwalo, ha ho e mong wa lona ya phethang molao. Le batlelang ho mpolaya? 20Bongata ba mo araba, ba re: O na le motemona; ke mang ya batlang ho o bolaya? 21Jesu a ba araba, a re: Ke entse mosebetsi o le mong, mme le maketse kaofela ke wona. 22Moshe o le file lebollo — hase hore le tswa ho Moshe, empa le tswa ho bontate moholo, — mme le bolotsa motho ka Sabatha. 23Na ha motho a bolotswa ka Sabatha, ho tle ho se ke ha tlolwa molao wa Moshe, le nkgalefetse keng ha ke fodisitse motho kahohle Sabatha na? 24Se ahloleng ka ho bona feela, le mpe le ahlole ka kahlolo e lokileng.
25Yaba ba bang ba Jerusalema ba re: Na hase yena eo ba mmatlang ho mmolaya na? 26Athe bonang, ke enwa o bua pepeneneng, mme ha ba mo araba ka letho; na baholo ba tsebile ruri hobane ke yena e leng Kreste na? 27Enwa re mpa re mo tseba moo a tswang teng, athe Kreste, mohla a tlang, ha ho motho ya tla tseba moo a tswang teng. 28Yaba Jesu o phahamisa lentswe tempeleng, a ruta, a re: Le a ntseba, le bile le tseba le moo ke tswang teng; ha ke a itlisa, empa ya nthomileng ke wa nnete, mme ha le mo tsebe. 29Empa nna ke a mo tsebe, kahobane ke tswa ho yena, mme ke romilwe ke yena. 30Yaba ba rata ho mo tshwara; empa ho se ke ha eba motho ya isang letsoho ho yena, kahobane nako ya hae e ne e eso ho tle.
31Ba bangata hara bongata ba dumela ho yena, ba re: Etlare hobane Kreste a tle, na o tla etsa mehlolo e fetisang e entsweng ke enwa na? 32Yare ha bafarisi ba utlwa kamoo ba mo sebang kateng, bona bafarisi le baprista ba boholo ba roma bahlanka ho mo tshwara.
33Yaba Jesu o re ho bona: Ke sa dutse le lona motsotso o se mokae, ke ntoo ya ho ya nthomileng. 34Le tla mpatla, mme ha le ka ke la mpona; le moo ke leng teng, le tla sitwa ho tla. 35Yaba Bajuda ba botsana, ba re: Eo o tla ya kae, moo re ke keng ra mo fumana teng. Na o tla ya ho ba farasitseng hara Bagerike, a rute Bagerike na? 36Taba eo a e boletseng e reng, ha a re: Le tla mpatla, mme ha le ka ke la mpona, le moo nna ke leng teng, lona le sitwa ho tla?
37Ka letsatsi la ho qetella mokete, e leng le leholo, Jesu a ema, a howa, a re: Ekare ha e mong a nyorilwe, a tle ho nna, a nwe. 38Ya dumelang ho nna, dinoka tsa metsi a kollang di tla kolla mpeng ya hae, jwalokaha Lengolo le boletse. 39Ka taba eo, o ne a lekanya Moya oo ba dumelang ho yena ba tlang ho o newa; hobane Moya o Halalelang o ne o eso ho hlahe, kahobane Jesu a ne a eso ho tlotliswe.
40Ba bangata hara batho ba bokaneng, eitse ha ba utlwa polelo eo, ba re: Kannete enwa ke moporofeta. 41Ba bang ba re: Enwa ke Kreste. Empa ba bang ba re: Na Kreste a ka tswa Galelea na? 42Na lengolo ha le bolele hobane Kreste o tla tswa lelokong la Davida, le motseng wa Bethlehema, moo Davida a neng a le teng na? 43Yaba bongata bo fapana ka baka la hae. 44Mme ba bang ho bona ba ne ba rata ho mo tshwara; empa ho se ke ha eba motho ya isang matsoho ho yena.
45Bahlanka ha ba kgutletse ho baprista le ho bafarisi, ba botswa, ha thwe: Ha le a ka la mo tlisa keng? 46Bahlanka ba araba, ba re: Ha ho eso ho be motho ya buang jwaloka motho eo, le ka mohla o le mong. 47Yaba bafarisi ba ba araba, ba re: Hleka le lona le thetsitswe na? 48Ke mang ho baholo le ho bafarisi ya dumetseng ho yena? 49Empa bongata boo, bo sa tsebeng molao, bo rohakilwe. 50E mong wa bona, Nikodema, ya neng a tlile ho Jesu bosiu, a re ho bona: 51Na molao wa rona o ka hla wa ahlola motho a eso ho utluwe, ho eso ho tsejwe seo a se entseng na? 52Ba araba, ba re ho yena: Na le wena o tswa Galelea na? Botsisisa, o lemohe hobane ha ho moporofeta ya hlahileng Galelea.
53[Jwale ba ikela e mong le e mong tlung ya hae.

Currently Selected:

JOHANNE 7: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy