YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 19

19
1Jwale, Pilato a nka Jesu, a mo shapa. 2Bahlabani ba loha mofapahlooho wa meutlwa, ba mo rwesa wona hloohong; ba mo apesa le kobo ya purepera; 3ba ntoo mo atamela, ba re: Dumela, morena wa Bajuda! Hape ba ne ba mo otla ka thupa.
4Yaba Pilato o boela a tswela ntle, mme a re ho bona: Bonang, ke mo ntshetsa ntle ho lona, le tle le tsebe hobane ha ke fumane molato ho yena, leha o le mong. 5Mme Jesu a tswela ntle a le jwalo, a rwetse mofapahlooho wa meutlwa, a apere kobo ya purepera. Pilato a re ho bona: Bonang, motho ke enwa.
6Empa baprista ba baholo le bahlanka, yare ha ba mmona, ba howa, ba re: Mo thakgise! mo thakgise! Pilato a re ho bona: Mo nkeng e le lona, le mo thakgise; hobane nna ha ke fumane molato ho yena. 7Bajuda ba mo araba, ba re: Re na le molao, mme ka molao wa rona o lokelwa ke ho shwa, hobane o ikentse Mora wa Modimo.
8Pilato ha a utlwa polelo eo, a eketsa ho tshaba. 9A boela a kena kgotla, a re ho Jesu: O wa hokae na? Empa Jesu ha a ka a mo nea karabo. 10Pilato a re ho yena: Na ha o bue le nna keng? Na ha o tsebe hobane ke na le matla a ho o thakgisa, le matla a ho o lokolla? 11Jesu a araba, a re: O ka be o se na matla ho nna le hanyenyane, hojane ha o a a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya nneetseng wena o na le sebe se fetisang.
12Jwale, Pilato a batla kamoo a ka mo lokollang kateng; empa Bajuda ba howa, ba re: Ha o lokolla enwa, ha o motswalle wa Sesare; e mong le e mong ya ipeang morena, o hana Sesare. 13Eitse ha Pilato a utlwa taba eo, a ntshetsa Jesu ntle, mme a dula setulong sa kahlolo, nqalong e bitswang Letlapa, ka Seheberu ke Gabatha. 14E ne e le letsatsi la ho hlekela Paseka, hora yona e batlile ho ba ya botshelela. Pilato a re ho Bajuda: Bonang, morena wa lona ke eo! 15Empa ba howa, ba re: Mo tlose, mo tlose, mo thakgise! Pilato a re ho bona: Ke thakgise morena wa lona na? Baprista ba baholo ba araba, ba re: Ha re na morena, haese Sesare. 16Yaba o ba neela yena, hore ba mo thakgise. Mme ba tshwara Jesu, ba ya le yena.
Jesu o a thakgiswa.
17Yaba o tswa a jere sefapano sa hae, mme a tla nqalong e bitswang Lehata, eo, ka Seheberu, ho thweng, ke Golgotha. 18Ba mo thakgisa hona moo, a ena le ba bang ba babedi, e mong ka letsohong la hae le letona, e mong ka ho le letshehadi, Jesu yena a le hare.
19Pilato a ngola lengolo, a le maneha hodimo sefapanong; ho ne ho ngodilwe hona: Jesu wa Nasaretha, morena wa Bajuda. 20Bajuda ba bangata ba bala lengolo leo, hobane nqalo eo Jesu a thakgisitsweng ho yona e ne e le haufi le motse; hape, le ne le ngodilwe ka Seheberu, ka Segerike, le ka Selatine. 21Yaba baprista ba baholo ba Bajuda ba re ho Pilato: Se ngole: Morena wa Bajuda; o mpe o ngole hore ke yena ya itseng: Ke nna morena wa Bajuda. 22Pilato a araba, a re: Seo ke se ngodileng, ke se ngodile.
23Jwale bahlabani, hobane ba thakgise Jesu, ba nka diaparo tsa hae, ba di etsa karolo tse nne, hore mohlabani e mong le e mong a be le ya hae; ba nka le yona kobo; kobo eo e ne e se na moroko, e lohilwe e teane kahohle. 24Yaba ba bolellana, ba re: A re se ke ra e hahola, re mpe re e laole ka lotho, hore re tle re tsebe hobane e tla ba ya mang. Ya eba hore ho etsahale Lengolo le itseng: Ba arolelane diaparo tsa ka, mme ba laotse kobo ya ka ka lotho. Bahlabani ba fela ba etsa jwalo.
25Mma Jesu, le ngwanabo mmae, le Maria, mohatsa Kleopa, le Maria Magdalena, ba ne ba eme pela sefapano sa Jesu. 26Jesu ha a bona mmae le morutuwa eo a mo ratang a bapile le yena, a re ho mmae: Mosadi, bona, mora wa hao ke eo. 27A ntoo re ho morutuwa: Bona, mmao ke eo. Ka nako yona eo, morutuwa eo a mo nkela ka tlung ha hae.
28Taba tseo ha di fetile, Jesu, ka ho tseba hobane taba tsohle di se di phethehile, a re: Ke nyorilwe; e le hore Lengolo le phethehe. 29Nkgo e tletseng asene e ne e le teng moo; ba tlatsa seponse ka asene, mme ba se thatela thupeng ya hisopa, ba se isa molomong wa hae. 30Eitse hobane Jesu a nke asene, a re: Ho phethehile. Yaba o kebisa hlooho, a neela moya.
31Bajuda ba rapela Pilato hore ba thakgisitsweng ba rojwe meomo, mme ba tloswe, hore ditopo di se ke tsa sala difapanong ka Sabatha, hobane ho ne ho hlekelwa yona, mme tsatsi leo la Sabatha e ne e le le leholo. 32Yaba bahlabani ba tla, ba roba meomo ya wa pele, le ya e mong ya thakgisitsweng le yena. 33Eitse ha ba etla ho Jesu, hobane ba bone hore o se a shwele, ba se ke ba mo roba meomo. 34Empa e mong wa bahlabani a mo hlaba lehlakore ka lerumo, yaba madi le metsi a phakisa a tswa ho lona. 35Ya boneng o pakile; bopaki ba hae ke ba nnete; o tseba hobane o bolela nnete, hore le lona le tle le dumele. 36Hobane taba tseo di hlahile, hore Lengolo le etsahale le reng: Ha ho lesapo la hae le tlang ho rojwa. 37Hape, lengolo le leng le re: Ba tla bona eo ba mo hlabileng.
38Kamora tseo, Josefa wa Arimathea, e neng e le morutuwa wa Jesu, a mpa a ipatile ka baka la ho tshaba Bajuda, a kopa ho Pilato, hore a dumellwe ho nka setopo sa Jesu; mme Pilato a mo dumella. Yaba o ya, a tlosa setopo sa Jesu. 39Nikodema ya neng a tlile pele ho Jesu bosiu, le yena a tla, a jere mira le alooe tse tswakanntsweng, boima ba tsona bo batlile bo etsa ponto tse lekgolo. 40Ba nka setopo sa Jesu, ba se phuthela ka masela hammoho le dinoko, ka mokgwa oo Bajuda ba epelang ka wona. 41Nqalong eo, moo a neng a thakgisitswe, serapa se ne se le teng; serapeng seo lebitla le ne le le teng, le letjha, moo ho neng ho eso ho patwe motho. 42Ba bea Jesu hona teng, hobane ho ne ho hlekelwa Sabatha ya Bajuda, le kahobane lebitla le ne le le haufi.

Currently Selected:

JOHANNE 19: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy