YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 16

16
Dihloriso.
1Ke le boleletse taba tseo, le tle le se ke la kgoptjwa. 2Ba tla le leleka masinagogeng; esita le nako e a tla, eo e mong le e mong ya le bolayang a tla hloma eka o sebeletsa Modimo. 3Ba tla le etsa tseo, ke hobane ha ba tsebe Ntate, leha e le nna. 4Ke mpa ke le boleletse taba tseo, hore nako ya tsona ha e tlile, le tle le hopole hobane ke na be ke le boleletse tsona. Ha ke sa ka ka le bolella tsona esale ho qaleng, ke hobane ke ne ke sa na le lona.
Maswabi a tlang ho fetoha thabo.
5Jwale ke ya ho ya nthomileng, mme ha ho e mong ho lona ya mpotsang hore: O ya kae? 6Empa kahobane ke le boleletse tseo, dipelo tsa lona di tletse maswabi. 7Leha ho le jwalo, ke le bolella nnete: ho molemo ho lona ha nka ikela; hobane ha ke sa ye, Moemedi a ke ke a tla ho lona; empa ha ke eya, ke tla mo romela ho lona. 8Mme etlare hobane yena a tle, o tla kgodisa lefatshe, hore sebe se teng, le ho loka, le kahlolo: 9sebe se teng, hobane ha ba dumele ho nna; 10ho loka ho teng, hobane ke ya ho Ntate, mme le ke ke la hlola le mpona; 11kahlolo e teng, hobane morena wa lefatshe lena o se a ahlotswe.
12Ke sa na le ditaba tse ngata tseo nka beng ke le bolella tsona; empa haele jwale, di ka le imela. 13Empa etlare hobane eo a tle, e leng Moya wa nnete, o tla le tsamaisa nneteng yohle; hobane o ke ke wa bua o iqalla tsa wona; empa tsohle tseo o di utlwileng, o tla di bolela; le hona o tla le tsebisa tse tla tla. 14Wona o tla ntlotlisa, hobane o tla nka tse ho nna, o le tsebise tsona. 15Tsohle tseo Ntate a nang le tsona, ke tsa ka; ke ka baka leo ke itseng: O tla nka tse ho nna, o le tsebise tsona.
Ho boya ha Jesu.
16Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone, hobane ke ya ho Ntate.
17Barutuwa ba hae ba bang ba botsana, ba re: Taba eo a re bolellang yona ke ya eng, ha a re: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone; hape ha a re: Ke ya ho Ntate? 18Mme ba re: Ke ho reng, ha a re: Ho se ho se hokae? Ha re tsebe seo a se lekanyang.
19Jesu a tseba hobane ba rata ho mmotsa, a ba a re ho bona: Le botsana seo ke tswa se bolela, ha ke itse: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone. 20Kannetenete ke re ho lona: Le tla lla, le be le lle, mme lefatshe le tla thaba; le tla utlwa bohloko, empa bohloko ba lona bo tla fetoha thabo. 21Ere mosadi ha a beleha, a utlwe bohloko, hobane nako ya hae e tlile; empa ha a tswetse ngwana, a lebale tsietsi ya hae ka baka la thabo ya hobane motho o tswetswe lefatsheng. 22Le lona le utlwa bohloko jwale; empa ke tla boela ke le bone, mme dipelo tsa lona di tla thaba, mme ha ho motho ya tla le amoha thabo ya lona. 23Ka tsatsi leo, ha le ka ke la mpotsa letho. Kannetenete ke re ho lona: Ntho tsohle tseo le tla di qela ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le fa tsona. 24Ho fihlela jwale, ha le eso ho kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, thabo ya lona e tle e tlale.
Ditumedisano tsa Jesu le barutuwa ba hae. — Tumelo ya bona.
25Ke le boleletse taba tseo ka dipapiso; empa nako e a tla, eo ke sa tlo hlola ke bua le lona ka dipapiso; ke mpa ke tla le tsebisa tsa Ntate phatlalatsa. 26Mohlang oo, le tla kopa ka lebitso la ka; mme ha ke le bolelle hore ke tla le rapella ho Ntate; 27hobane Ntate o a le rata e le yena, kahobane le nthatile, mme le dumetse hoba ke tswa ho Modimo. 28Ke tswile ho Ntate, ka tla lefatsheng; jwale, ke boela ke tlohela lefatshe, ke ya ho Ntate.
29Barutuwa ba hae ba re ho yena: Bona, jwale o bua phatlalatsa; ha o sa bolela dipapiso. 30Jwale, re a lemoha hobane o tseba tsohle, mme ha o a tshwanelwa ke ho botswa letho ke motho; ke ka baka leo re dumelang hobane o tswa ho Modimo. 31Jesu a ba araba, a re: Jwale le a dumela. 32Bonang, nako e a tla, le jwale e se e tlile, eo le tla qhalana ka yona, e mong le e mong a ye ka tsela ya hae, le ntlohele ke nnotshi; empa ha ke nnotshi, hobane Ntate o na le nna. 33Ke le boleletse taba tseo, hore le be le kgotso ho nna. 34Le tla ba le mahlomola lefatsheng; le mpe le bete dipelo; ke hlotse lefatshe.

Currently Selected:

JOHANNE 16: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy