YouVersion Logo
Search Icon

BAGALATA 1

1
Tumediso.
1 Ke le Pauluse, moapostola, e seng ka batho, leha e le ka motho, empa e le ka Jesu Kreste, le ka Modimo Ntate, o mo tsositseng bafung; 2ke ena le baena bohle ba ho nna ke ngolla dikereke tsa Galatia; 3ke re: A le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntate, le ke Morena wa rona Jesu Kreste, 4ya iteletseng dibe tsa rona, a tle a re namolele lefatsheng la jwale le lebe, ka ho rata ha Modimo, Ntata rona. 5Ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen!
Ho se tiye ha Bagalata, ba nkilweng ke baruti ba bohata.
6Ke maketse kahobane le setse le tlohetse ya le bitsitseng ka mohau wa Kreste, la phakisa ho fetela Evangeling esele; 7e seng hore e nngwe e teng, empa batho ba teng ba le ferekanyang, mme ba rata ho sokanya Evangeli ya Kreste. 8Athe motho, leha e ka ba rona, kapa lengeloi le tswang lehodimong, ha a ka le bolella Evangeli esele ho eo re seng re le boleletse yona, a neelwe anathema. 9Jwalokaha re se re le boleletse pele, le jwale ke sa rialo: Ekare ha e mong a fela a le bolella Evangeli esele ho eo le e amohetseng, a neelwe anathema. 10Hobane, hleka ke re, ke emelwe ke batho, kapa ke Modimo na? Mohlomong, na ho ka thwe, ke rata ho kgahlisa batho? Athe hoja ebe ke sa rata ho kgahlisa batho, nka be ke se mohlanka wa Kreste.
Pauluse o bolela Evangeli kamoo a e neilweng ka tshenolo ya Jesu Kreste kateng. Thuto le boapostola ba hae di emetswe ke baapostola Jerusalema. O ile a kgalemela Petrose Antioke ka ho re, ketso tsa hae ha di dumellane le thuto e reng, motho o bewa ya lokileng ka tumelo.
11Banabeso, ke le hopotsa hoba Evangeli eo ke le boleletseng yona, ha e ye ka ho ya ha motho: 12hobane ha ke a ka ka e amohela ho motho, leha e le ho e rutwa ke motho; empa e bile ka tshenolo ya Jesu Kreste.
13Le fela le utlwile metsamao ya ka ya pele, ha ke ne ke sa le Bojudeng, kamoo ke neng ke hlorisa kateng, ka bohale bosele, kereke ya Modimo, mme ke ne ke e ripitla. 14Mme ke ne ke siile hole, ka taba tsa Bojuda, thaka tsa ka tse ngata, setjhabeng sa heso; e ne e le nna sehlooho sa ho tjhesehela mekgwa ya bontate. 15Empa mohla ho kgahlileng Modimo, o neng o nkgethe ke sa le mpeng ya mme, wa ba wa mpitsa ka mohau wa wona, 16ho senolela ka ho nna Mora wa wona, ke tle ke mmolele hara baditjhaba, ha ke a ka ka botsa nama, leha e le madi; 17le hona ha ke a ka ka nyolohela Jerusalema ho baapostola bao e bileng bona pele ho nna; ka mpa ka phakisa ka ikela Arabia, ka ntoo kgutlela Damaseka.
18Yare ho feleng ha dilemo tse tharo, ya eba hona ke nyolohelang Jerusalema ho ya tsebana le Kefase, mme ka dula ha hae ditshiu tse leshome le metso e mehlano. 19Mme ha ke a ka ka bona e mong wa baapostola ba bang, haese Jakobo, ngwanabo Morena. 20Taba tseo, ha ke le ngolla tsona, bonang, pela Modimo, ha ke etse leshano.
21Yaba ke ya mafatsheng a Siria le a Silisia. 22Ke ne ke eso ho tsejwe ka mahlo ke dikereke tsa Judea tse ho Kreste; 23di ne di utlwile feela, ha ho thwe: Ya neng a re hlorisa pele, jwale o bolela tumelo eo a neng a e ripitla pele. 24Mme di ne di leboha Modimo ka baka la ka.

Currently Selected:

BAGALATA 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy