YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 1

1
Pitso ya Esekiele.
1Eitse ka selemo sa mashome a mararo, ka kgwedi ya bone, ka tsatsi la bohlano la kgwedi, ha ke ne ke le hara ba isitsweng kgolehong nokeng ya Kebare, mahodimo a phetlwa, mme ka bona pono tse hlollang tsa Modimo. 2Ka selemo sa bohlano sa ha morena Jojakine a isitswe kgolehong, ka la bohlano ho kgwedi, 3lentswe la Jehova la tlela Esekiele, mora Busi moprista, a le naheng ya Bakalde, pela noka ya Kebare; letsoho la Jehova la eba ho yena hona teng.
4Eitse ha ke tadima, ka bona moya wa sefefo o tswang leboya, ho le leru le leholo le tswakaneng le mollo, le benyang ka nqa tsohle; bohareng ba lona ho le ntho e kang koporo e hlenneng, kahare ho mollo; 5bohareng ba mollo, ka bona ntho tse kang dibopuwa tse utlwang tse nne; haele tshobotsi ya tsona, di ne di na le tshobotsi ya batho. 6Se seng le se seng se ne se na le difahleho tse nne, hape se seng le se seng se ne se na le dipheo tse nne. 7Maoto a tsona e ne e le maoto a tsepameng; haele bohato ba maoto a tsona, e ne e ka bohato ba tlhako tsa namane; a ne a benya jwalokaha ho benya koporo e bentshitsweng. 8Mahlakoreng a tsona a mane, ho ne ho hlaha matsoho a kang a motho, a tswang tlasa dipheo tsa tsona; haele bone ba tsona, di ne di na le difahleho tsa tsona le dipheo tsa tsona. 9Dipheo tsa tsona di tshwarane; ho tsamayeng, di ne di sa tswedipane; di ntse di tsamaya di lokile feela. 10Haele tshobotsi ya difahleho tsa tsona, bone ba tsona di ne di na le sefahleho sa monna, le sefahleho sa tau ka nqa ho le letona; hape, bone ba tsona di ne di na le sefahleho sa poho ka nqa ho le letshehadi; hapehape, tse nne di ne di na le sefahleho sa ntsu. 11Ke tsona difahleho tsa tsona. Haele dipheo, di ne di arohane nqa hodimo; se seng le se seng se ne se na le dipheo tse pedi tse tshwaraneng, tse pedi tse ding di ne di apesa mmele ya tsona. 12Di ne di tsamaya se seng le se seng se lokile tsela, di ya moo moya o ratang ho ya; ho tsamayeng ha tsona, di ne di sa tswedipane. 13Haele ponahalo ya dibopuwa tse utlwang, ponahalo ya tsona e ne e ka mashala a mollo a hlenneng, leha e le jwaloka dirumula. Mollo oo o ne o tsamaya le dibopuwa tse utlwang; mollo oo o ne o benya, mme mollong ho ne ho etswa mahadima. 14Dibopuwa di ne di ya di matha, di boye, di tshwana le tladi.
15Eitse ha ke tadima dibopuwa, ka bona lebidi fatshe, pela dibopuwa ka nqa tse nne. 16Ponahalo ya mabidi le mokgwa wa wona e ne e ka ponahalo ya krisolithe, bone ba wona a ne a na le sebopeho se le seng; ponahalo ya wona le mokgwa wa wona ho ne ho le jwaloka hoja lebidi le leng le kene kahare ho le leng. 17Ho tsamayeng ha wona, a ne a tsamaya ka dintlha tse nne tsa wona; ho tsamayeng ha wona, a ne a sa bidikane. 18Haele difeleng tsa wona, di ne di phahame, di tshabeha; hape, difeleng tsa wona, mabiding a mane, di ne di tletse mahlo kahohle. 19Enereha dibopuwa di tsamaya, mabidi le wona a tsamaye maloka le tsona; enereha dibopuwa di tloha fatshe, le wona mabidi a tlohe maloka le tsona. 20Di ne di ya moo moya o ratang ho ya teng; enereha moya o rata ho ya nqa e itseng, ebe mabidi a tloha maloka le tsona, hobane moya wa sebopuwa o ne o le mabiding. 21Enereha di tsamaya, le wona a tsamaye; ha di ne di ema, le wona a eme; ereha di tloha fatshe, mabidi le wona a tlohe maloka le tsona, hobane moya wa sebopuwa o ne o le mabiding.
22Ho okametseng dihlooho tsa dibopuwa e ne e le ntho e kang sebaka se tshwanang le kristale e tsotehang, e adilweng kahodimo ho dihlooho tsa tsona nqa hodimo. 23Katlase ho sebaka, e ne e le tsona dipheo tsa tsona, di otlolohile, di bapile; se seng le se seng se ne se na le tse pedi tse apesang mmele ya sona. 24Enereha di tsamaya, ke ne ke utlwa modumo wa dipheo tsa tsona eka modumo wa metsi a mangata, hape eka lentswe la Ya matla wohle, e le modumo wa tlatlarietso, o kang modumo o diahelong. Ereha di ema, di lepeletse dipheo tsa tsona. 25Lentswe le ne le le teng le tlohang hodimo sebakeng se okametseng dihlooho tsa tsona. Ereha di ema, di lepeletse dipheo tsa tsona.
26Kahodimo ho sebaka se okametseng dihlooho tsa tsona, ho ne ho le ntho e kang lehakwe la safire, e nang le sebopeho sa terone; mme sebopehong sa terone, ho ne ho le ntho e kang sebopeho sa motho ya dutseng ho yona, nqa hodimo. 27Mme ka bona ho kang koporo e hlenneng, hoo e kang ke mollo o mo etseditseng bodulo ka nqa tsohle; ho tloha ho hoo e kang ke letheka la hae, nqa hodimo, le ho tloha ho hoo e kang le letheka la hae, nqa tlase, ka bona eka ke mollo le kganya e mo teelang hare. 28Jwaloka ponahalo ya mookodi ha o bonahala lerung mohla pula, ponahalo ya kganya eo ka nqa tsohle e ne e le jwalo. E ne e ka ponahalo ya kganya ya Jehova. Eitse ha ke bona hoo, ka itiha ka sefahleho sa ka, mme ka utlwa lentswe la e mong ya buang.

Currently Selected:

ESEKIELE 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy