YouVersion Logo
Search Icon

DEUTERONOMA 1

1
Setjhaba se hopotswa tse fetileng, mme se kgothatswa ke Moshe, 1 — 11.
Leeto la ho tloha Horebe ho tla Kadeshe-Barnea.
1Ke wona mantswe ao Moshe a kileng a a bolella Baiseraele kaofela, mose o kwana ho Jordane, feelleng, thoteng e lebaneng le Sufe, mahareng a Parane le Tofele, le Labane, le Hatserothe, le Di-Sahabe. 2Ho tloha Horebe, ho ya fihla Kadeshe-Barnea, ka tsela ya thaba ya Seire, ke matsatsi a leshome le motso o mong. 3Ka selemo sa mashome a mane, ka tsatsi le qalang kgwedi ya leshome le motso o mong, Moshe a bolella bana ba Iseraele tsohle tseo Jehova a neng a mo laetse hore a ba bolelle tsona. 4Ke ha a sa tswa bolaya Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone, le Oge, morena wa Bashane, ya neng a ahile Ashtarothe le Edrei.
5Moshe eitse ha a le mose o kwana wa Jordane, naheng ya Moabe, a qala ho hlalosetsa Baiseraele molao ona, a re: 6Jehova, Modimo wa rona, o buile le rona re le Horebe, a re: Le dutse nako e lekaneng thabeng ena. 7Sokolohang, le tsamaye, le ye thabeng ya Baamore le ditjhabeng tsohle tse bapileng le bona, lehwatateng, le thabeng, le thoteng, le nqa borwa, le lebopong la lewatle, naheng ya Bakanana, le Lebanone, ho ya fihla nokeng e kgolo, e leng noka ya Eufrate. 8Bonang, ke beile lefatshe pela lona; kenang, mme le rue lefatshe leo Jehova a anetseng bontata lona, Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla le nea bona le ditloholo tsa bona kamora bona.
9Mohlang oo, ka le bolella, ka re: Ke sitwa ho le jara ke nnotshi. 10Jehova, Modimo wa lona, o le atisitse, mme ke mona kajeno le le ka ka dinaledi tsa lehodimo ka bongata. 11Jehova, Modimo wa bontata lona, a boele a le atise hape ha sekete ho feta kamoo le leng kateng, mme a le hlohonolofatse, jwalokaha a le boleletse. 12Nka jara jwang ke nnotshi phahlo ya lona, le boima ba lona, le ditseko tsa lona? 13Ikgetheleng melokong ya lona banna ba bohlale, ba kelello, ba tsejwang, ke tle ke ba bee dihlooho tsa lona. 14La mphetola, la re: Seo o reng se etswe, se molemo. 15Yaba ke kgetha dihlooho tsa meloko ya lona, banna ba bohlale, ba tsejwang, ka ba bea dihlooho tsa lona, hore e be balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo, le balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome, hape e be bahlahlobi ba meloko ya lona. 16Mohlang oo, ka laela baahlodi ba lona, ka re: Mamelang ditaba tsa banababo lona, mme le ahlolele ka ho loka motho le ngwanabo, le moditjhaba ya ahileng le lona. 17Le se ke la ya ka tshobotsi ya motho dikahlolong tsa lona; hape, le mamele e monyenyane le e moholo; le ke ke la tshaba motho le a mong, hobane kahlolo ke ya Modimo. Ha taba e le teng e le sitang, e tliseng ho nna, ke tle ke e utlwe. 18Mohlang oo, nkile ka le laela tsohle tseo le neng le tshwanetse ho di etsa.
19Eitse ha re tloha Horebe, ra tsamaya le nahathothe yane kaofela e kgolo, e tshabehang, eo le e boneng, ra ya ka tsela ya thaba ya Baamore, jwalokaha Jehova, Modimo wa rona, a ne a re laetse, mme ra fihla Kadeshe-Barnea.
20Yaba ke re ho lona: Le fihlile thabeng ya Baamore eo Jehova, Modimo wa rona, a re neang yona. 21Bonang, Jehova, Modimo wa hao, o beile lefatshe pela hao; nyoloha, o le rue, jwalokaha Jehova, Modimo wa bontatao, a o boleletse. O se ke wa tshaba, mme o se tshohe. 22La tla ho nna bohle, la re: A re romeng batho, ba re etelle pele, ba ye ho re hlwella lefatshe, ba re tlisetse taba tsa tsela eo re tla nyoloha ka yona, le tsa metse eo re tla fihla ho yona. 23Ka dumela taba eo, ka kgetha banna ba leshome le metso e mmedi hara lona, e mong lelokong le leng le le leng. 24Yaba ba tloha, ba nyolohela thabeng, ba fihla kgohlong ya Eshkole, mme ba hlwela naha. 25Ba nka ditholwana tsa naha eo matsohong a bona, ba re tlisetsa tsona, mme ba re tsebisa, ba re: E molemo, naha eo Jehova, Modimo wa rona, a re fang yona. 26La mpa la hana ho nyoloha, la ikgantshetsa taelo ya Jehova, Modimo wa lona; 27la ngangella ditenteng tsa lona, la re: Ke kahobane Jehova o re hloile a re ntshitseng lefatsheng la Egepeta, ho tla re neela matsohong a Baamore, hore ba tle ba re timetse. 28Re tla nyolohela kae? Banababo rona ba re nyahamisitse dipelo, ha ba itse: Ke setjhaba se re fetang ka bongata le ka boemo bo bolelele; ke metse e meholo e haheleditseng ka marako a fihlang lehodimong; re bone bana ba Anake teng. 29Empa nna ka re ho lona: Le se ke la tshoha, mme le se ke la ba tshaba. 30Jehova, Modimo wa lona, ya le eteletseng pele, yena ka sebele o tla le lwanela, jwalokaha a se a entse pontsheng ya lona Egepeta, 31le lefeelleng leo o le boneng, e leng moo Jehova, Modimo wa hao, a o pepileng, jwaloka monna ha a pepile mora wa hae, tseleng yohle eo le tsamaileng ka yona ho tlisa ho fihleng ha lona bakeng sena. 32Leha ho le jwalo, ha le a ka la tshepa Jehova, Modimo wa lona, 33ya neng a ntse a le etella pele tseleng ho le batlela dibaka tseo le tla emisa ho tsona, bosiu a le bonesetse ka mollo tsela ya lona eo le neng le tshwanetse ho ya ka yona, mme motshehare a le tsamaise ka leru.
34Jehova a utlwa modumo wa dipolelo tsa lona, a halefa, a hlapanya, a re: 35Ha ho le a mong wa banna ba mofuta oo o mobe ya tlang ho bona lefatshe le molemo leo ke anneng, ka re, ke tla le nea bontata lona, 36haese Kalebe, mora Jefunne. Yena o tla le bona, mme ke tla nea yena le bara ba hae lefatshe leo a le hatileng ka maoto, hobane o tiiseditse ho latela Jehova kahohle. 37Le nna, Jehova a nkgalefela ka baka la lona, a re: Le wena o ke ke wa kena teng. 38Ya tla kena ke Joshua, mora Nune, ya emang pela hao. Mo kgothatse, etswe e le yena ya tla ruisa bana ba Iseraele lefatshe lena. 39Bana ba banyenyane ba lona, bao le neng le re, ba tla hapuwa, le bana ba lona ba sa tsebeng botle leha e le bobe kajeno lena, bona ba tla kena, ke tla nea bona lefatshe, mme ke bona ba tla le rua. 40Haele lona, kgutlang le boele le tsamaye feelleng, ka tsela ya Lewatle le Lefubedu.
41Yaba le a mphetola, la re ho nna: Re sitetswe Jehova. Re tla nyoloha, re lwane kahohle kamoo Jehova, Modimo wa rona, a re laetseng kateng. La nka dibetsa tsa lona, mme la phehella ho nyolohela thabeng. 42Jehova a re ho nna: E re ho bona: Le ke ke la nyoloha, mme le ke ke la lwana, hobane ha ke yo hara lona; le se ke la ya hlolwa ke dira tsa lona. 43Ka le bolella jwalo, la mpa la hana ho utlwa; la ikgantshetsa taelo ya Jehova; la etsa ka boikgohomoso, mme la nyolohela thabeng. 44Baamore ba neng ba ahile thabeng eo, ba le kgahlanyetsa, ba le phallela jwaloka hoja ke dinotshi, mme a le hlola Seire, ho ya fihla Horma. 45La kgutla, la lla pela Jehova, empa Jehova a hana ho utlwa mantswe a lona le ho le sekehela tsebe. 46Ke ha le tla hlola Kadeshe tshiu tse ngata, e leng tshiu tseo le nnileng la di hlola teng.

Currently Selected:

DEUTERONOMA 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy