YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 24

24
Tsoho ya Jesu le nyolohelo ya hae lehodimong.
1Ka tsatsi le qalang veke, e sa le kameso, ba ya lebitleng ho isa dinoko tseo ba di lokisetseng, ba ena le ba bang. 2Empa ba fihlela lejwe le phikolositswe lebitleng. 3Yare hobane ba kene, ha ba ka ba fumana setopo sa Morena Jesu teng. 4Ba re ba sa tsielehile ke hoo, bonang, banna ba babedi ba ne ba eme pela bona ka diaparo tse hadimang. 5Eitse basadi ha ba sa tshohile, ba kobotetse fatshe, ba re ho bona: Ya phelang na le mmatlelang hara bafu? 6Ha a yo mona, empa o tsohile. Hopolang kamoo a le boleletseng kateng, ha a sa le Galelea, 7a re: Mora motho o tshwanetse ho neelwa matsohong a baetsadibe, a thakgiswe, mme a tsohe bafung ka letsatsi la boraro. 8Yaba ba elellwa ditaba tseo tsa hae.
9Jwale ba kgutla lebitleng, ba ya bolela taba tseo tsohle ho ba leshome le motso o mong, le ho ba bang bohle. 10Ba boleletseng baapostola ditaba tseo, e ne e le Maria Magdalena, le Johanna, le Maria mma Jakobo, le bang ba nang le bona. 11Empa taba tsa basadi bao tsa eba jwaloka tshomo ho bona, mme ha ba ka ba dumela. 12Leha ho le jwalo, Petrose a tloha, a mathela lebitleng; eitse hobane a nyarele, a bona masela a beilwe a nnotshi fatshe; a ntoo kgutla, a ntse a maketse ka ho yena ke se hlahileng.
13Ka lona tsatsi leo, ba babedi ba bona ba ne ba ya motsaneng o mong, o bitswang Emmause, bohole ba wona le Jerusalema e le stadia tse mashome a tsheletseng; 14ba ne ba buisana ka tseo tsohle tse hlahileng. 15Ba re ba sa buisana, le ho botsana, Jesu ka sebele a ba atamela, mme a tsamaya le bona. 16Empa mahlo a bona a ne a sirelwa, ba ba ba sitwa ho mo tseba. 17A re ho bona: Le ntse le buisana ka taba dife le ntse le tsamaya, le bileng le swabile hahakale? 18E mong, lebitso la hae e le Kleopa, a araba, a re: Ke wena o le mong hara ba ahileng Jerusalema ya sa tsebeng taba tse hlahileng teng tshiung tsena? 19A re ho bona: Dife? Ba re: Tsa Jesu wa Nasaretha, eo e neng e le monna wa moporofeta ya matla mesebetsing le dipolelong tsa hae pela Modimo le pela setjhaba sohle; 20le kamoo baprista ba baholo le babusi ba rona ba mo neetseng kateng, ho ahlolelwa lefu, ba ba ba mo thakgisa. 21Haele rona, re ne re tshepile hobane ke yena ya tla lopolla Iseraele; leha ho le jwalo, e se e le letsatsi la boraro taba tseo di hlahile. 22Kwana, basadi ba bang ba sehlopha sa rona ba re makaditse haholo; ba ile lebitleng e sa le ka meso, 23mme ha ba ka ba fumana setopo sa hae, ba ba ba tla, ba bolela hore ba bone mohlolo wa mangeloi a itseng, o a phela. 24Ba bang ba rona ba ile lebitleng, mme ba fihletse ho le jwalokaha basadi ba boletse; empa yena, ha ba ka ba mmona. 25Yaba o re ho bona: Jo! batho ba se nang kutlwisiso, ba pelo tse diehang ho dumela tsohle tse boletsweng ke baporofeta! 26Hleka e ne e se tshwanelo hore Kreste a utlwiswe bohloko boo, a ntoo kena kganyeng ya hae na? 27Yaba o qala ka Moshe, a isa ho baporofeta bohle, a ntse a ba hlalosetsa Mangolong wohle tseo a boletsweng ka tsona. 28Ba atamela motsana oo ba yang ho wona; empa Jesu a etsa jwaloka hoja a fetela pele. 29Ba mo qophella, ba re: Hlola le rona, hobane e se e le mantsiboya, le letsatsi le se le rapame. A ba a kena, a dula le bona. 30Eitse ha a dutse dijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a ba nea bona. 31Yaba mahlo a bona a tutuboloha, mme ba mo tseba; empa a ba nyamella. 32Ba ba ba bolellana, ba re: Ana dipelo tsa rona di ne di sa tjhese kahare ho rona, ha a ntse a bua le rona tseleng, a re hlalosetsa Mangolo na?
33Ka yona nako eo ba tloha, ba kgutlela Jerusalema, mme ba fihlela ba leshome le motso o mong ba phuthehile le ba nang le bona, ba re: 34Morena o tsohile bafung kannete; o bile o bonwe ke Simone. 35Le bona ba pheta tse ba hlahetseng tseleng, le kamoo a itsebisitseng ho bona kateng, ka ho ngwatha bohobe.
36Ba re ba sa bolela tseo, Jesu a hla a ema hara bona ka sebele sa hae, a re ho bona: Kgotso e be le lona! 37Ba mpa ba tshoha, ba tshaba haholo, ba hloma eka ba bona seriti. 38A re ho bona: Le tshohelang? mme mehopolo e jwalo e hlahelang dipelong tsa lona? 39Bonang diatla tsa ka le maoto a ka, hobane ke nna ka sebele. Ntoboketseng, le bone; hobane seriti ha se na nama le masapo, jwalokaha le mpona ke ena le wona. 40Eitse ha a sa ba bolella hoo, a ba bontsha diatla tsa hae le maoto. 41Mme kahobane ba ne ba sa belaela ka baka la ho thaba le ho makala, a re ho bona: Na mona le na le ntho e jewang na? 42Ba mo nea sesuma sa hlapi e besitsweng le kgekge ya dinotshi; 43mme a di nka, a ja pela bona.
44A ntoo re ho bona: Ke tsona ditaba tseo nkileng ka le bolella tsona, ha ke sa na le lona, ka re: Tsohle tseo ke ngodilweng ka tsona molaong wa Moshe le baporofeteng le dipesalemeng, e ka kgona di etsahale. 45Ya eba hona a bulang kutlwisiso ya bona, hore ba utlwisise Mangolo. 46A ntoo re ho bona: Ho ne ho ngodilwe jwalo, mme ho ne ho tshwanela hore Kreste a utlwiswe bohloko, mme a tsohe bafung ka letsatsi la boraro; 47ho tle ho bolelwe ka lebitso la hae pako le tshwarelo ya dibe ho ditjhaba tsohle, ho qala ka Jerusalema. 48Lona, le dipaki tsa taba tseo. 49Mme bonang, nna ke tla le romela pallo ya Ntate; le mpe le sale motseng wa Jerusalema, le tle le be le apeswe ka matla a tswang hodimo.
50A ba isa kantle, ho ya fihla Bethania, a emisa matsoho a hae, a ba hlohonolofatsa. 51A re a sa ba hlohonolofatsa, a kgaohana le bona, a nyolosetswa lehodimong. 52Haele bona, ba mo kgumamela, ba ntoo kgutlela Jerusalema ka thabo e kgolo. 53Ba ne ba le tempeleng kamehla, ba ntse ba boka Modimo, ba o rorisa.

Currently Selected:

LUKA 24: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy