YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 20

20
Tsoho ya Jesu.
1Ka tsatsi le qalang veke, Maria Magdalena a ya lebitleng e sa le ka meso, ho sa le lerotho; mme a bona hobane lejwe le tlositswe lebitleng. 2Yaba o matha, a tla ho Simone Petrose, le ho morutuwa e mong ya ratwang ke Jesu, a re ho bona: Ba tlositse Morena lebitleng, mme ha re tsebe moo ba mmeileng teng.
3Yaba Petrose o tloha le morutuwa e mong, ba ya lebitleng. 4Ba ne ba matha hammoho ba babedi; mme morutuwa e mong a siya Petrose, a fihla pele lebitleng; 5ha a inama ho nyarela, a bona masela a beilwe fatshe; empa a se ke a kena. 6Simone Petrose, ya neng a mo latela, le yena a fihla, a ba a kena lebitleng, a bona masela a beilwe fatshe. 7Lesela le neng le beilwe hodima hlooho ya hae le ne le sa bewa le masela a mang, empa le ne le phuthilwe, le beilwe kathoko le nnotshi. 8Morutuwa e mong ya neng a fihlile pele lebitleng, le yena a kena, a bona, mme a dumela. 9Hobane ba ne ba eso ho utlwisise Lengolo le bolelang hore Kreste e ka kgona a tsohe bafung. 10Barutuwa ba ntoo kgutlela hae.
11Haele Maria, a nna a ema kantle pela lebitla, a ntse a lla; a re a sa lla, a inama ho nyarela lebitleng. 12Yaba o bona mangeloi a mabedi a apereng bosweu, a dutse, le leng le le hloohong, le leng le le maotong, moo setopo sa Jesu se neng se robaditswe teng. 13A re ho yena: Mosadi, o llelang? A re ho wona: Ke kahobane ba tlositse Morena ka, mme ha ke tsebe moo ba mmeileng teng.
14Yare hobane a bue jwalo, a reteleha, a bona Jesu a eme; empa o ne a sa tsebe hobane ke yena Jesu. 15Jesu a re ho yena: Mosadi, o llelang? O batla mang? Yena, ka ho lekanya hore ke molemi wa tshimo, a re ho yena: Monghadi, ha ekaba ke wena o mo tlositseng, mpolelle moo o mmeileng teng, ke tle ke ye, ke mo nke. 16Jesu a re ho yena Maria! Yena a reteleha, a re ho yena: Rabuni! — ka seheberu ke ho re moruti. — 17Jesu a re ho yena: Se nkame, hobane ha ke eso ho nyolohele ho Ntate; o mpe o ye ho banabeso, o re ho bona: Ke nyolohela ho Ntate, e leng le Ntata lona, ho Modimo wa ka, e leng le Modimo wa lona. 18Maria Magdalena a tla, a bolella barutuwa hore o bone Morena, le hore o mmoleletse taba tseo.
19Ka mantsiboya a letsatsi leo, e leng le qalang veke, menyako ha e ne e kwetswe ya moo barutuwa ba neng ba phuthehile teng, ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a hlaha, a ema hara bona, a re ho bona: Kgotso e be le lona! 20Yare hobane a bue jwalo, a ba bontsha matsoho le lehlakore la hae. Yaba barutuwa ba thaba, ha ba bona Morena. 21Jesu a boela a re ho bona: Kgotso e be le lona! Jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke le roma jwalo. 22Eitse hobane a bue jwalo, a budulela ho bona, a re: Amohelang Moya o Halalelang! 23Bao le tla ba tshwarela dibe, ba tla tshwarelwa tsona; bao le tla ba balla dibe, ba tla ballwa tsona.
24Thomase, ya bitswang Didima, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, o ne a le siyo ho bona, ha Jesu a etla. 25Barutuwa ba bang ba re ho yena: Re bone Morena. A mpa a re ho bona: Ekare ha ke sa bone maqeba a dithakgisa matsohong a hae, ka kenya monwana wa ka maqebeng a dithakgisa, ka kenya le letsoho la ka lehlakoreng la hae, nke ke ka dumela.
26Eitse ha ditshiu tse robileng meno e le mmedi di fetile, barutuwa ba hae ba ne ba boetse ba le tlung, le Thomase a ena le bona. Yaba Jesu o a hlaha, menyako e ntse e kwetswe, a ema hara bona, a re: Kgotso e be le lona! 27A ntoo re ho Thomase: Tlisa monwana wa hao mona, mme o tadime diatla tsa ka; ntsha letsoho la hao, o le kenye lehlakoreng la ka, mme o se ke wa ba ya sa dumeleng, o mpe o be ya dumelang. 28Thomase a araba, a re ho yena: Morena wa ka le Modimo wa ka! 29Jesu a re ho yena: Kahobane o mpone, Thomase, o dumetse. Ho lehlohonolo ba dumetseng, leha ba sa ka ba bona.
Qetello ya ditaba.
30Jesu a etsa mehlolo e meng e mengata pontsheng ya barutuwa ba hae, e sa ngolwang bukeng ena. 31Empa eo e ngodilwe hore le tle le dumele hobane Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore, ka ho dumela, le be le bophelo ka lebitso la hae.

Currently Selected:

JOHANNE 20: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy