YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 18

18
Jesu o a tshwarwa.
1Eitse hobane Jesu a bolele taba tseo, a tswa le barutuwa ba hae, a ya mose wane wa molatswana wa Kedrone, moo tshimo e neng e le teng; mme a kena teng le barutuwa ba hae.
2Judase, ya mo ekang, le yena o ne a tseba nqalo eo; hobane Jesu o ne a phuthehetse teng hangata le barutuwa ba hae. 3Yaba Judase o ya le sehlopha, le bahlanka ba baprista ba baholo le ba bafarisi, a tla ka dilanterene, le ka dirumula, le ka dibetsa.
4Jesu, kahobane a ne a tseba tsohle tse tla mo hlahela, a tswela ho bona, a re ho bona: Le batla mang? 5Ba mo araba, ba re: Jesu wa Nasaretha. Jesu a re ho bona: Ke nna enwa. Le yena Judase ya mo ekang, o ne a eme le bona. 6Eitse hobane a ba bolelle, a re: Ke nna enwa, ba sutha kasanthao, ba wela fatshe. 7Yaba o boela a ba botsa, a re: Le batla mang? Ba re: Jesu wa Nasaretha. 8Jesu a araba, a re: Ke le boleletse hore ke nna enwa. Ha le fela le batla nna, lesang batho bana ba ikele. 9Ya eba hore lentswe le etsahale, leo a neng a le boletse, ha a itse: Ha ke a ka ka lahla le a mong wa bao o nneileng bona.
10Simone Petrose o ne a ena le sabole; a e tsomola, a hlatha mohlanka wa moprista e moholo, a mo kgaola tsebe e tona. Lebitso la mohlanka eo e ne e le Malkuse. 11Yaba Jesu o re ho Petrose: Busetsa sabole ya hao selateng; na nke ke ka nwa senwelo seo ke se neilweng ke Ntate?
12Jwale sehlopha, le molaodi wa sekete, le bahlanka ba Bajuda, ba tshwara Jesu, ba mo tlama, 13ba mo isa ho Anna pele; hobane e ne e le ntata mosadi wa Kaiafa, moprista e moholo wa selemo seo. 14Ke yena Kaiafa ya neng a eleditse Bajuda, hore ho ka ba molemo ha motho a le mong a ka shwela setjhaba.
15Simone Petrose o ne a latela Jesu, a ena le morutuwa e mong; morutuwa eo o ne a tsejwa ke moprista e moholo, mme a kena le Jesu lebaleng la moprista e moholo. 16Empa Petrose a ema monyako kantle. Yaba morutuwa eo, ya tsejwang ke moprista e moholo, o tswela ntle, a bua le molebedi wa monyako, mme a kenya Petrose kateng. 17Jwale, lekgabunyane leo e leng molebedi wa monyako, la re ho Petrose: Ha ke re, le wena o e mong wa barutuwa ba motho enwa na? A re: Ha ke yena. 18Bahlanka le manqosa ba ne ba le moo, ba besitse mollo, kahobane ho ne ho hatsetse, mme ba ne ba ikomosa; le yena Petrose o ne a eme le bona, a ikomositse.
19Jwale, moprista e moholo a botsa Jesu bakeng sa barutuwa ba hae le thuto ya hae. 20Jesu a mo araba, a re: Ke buile le batho bohle pepeneneng, ka bua sinagogeng le tempeleng kamehla yohle, moo Bajuda bohle ba phuthehelang teng; ha ke a ka ka bolela letho sephiring. 21O mpotsetsang? Botsa ba utlwileng seo ke ba boleletseng sona; ke bona ba tsebang seo ke se boletseng. 22Eitse hobane a rialo, e mong wa bahlanka ya emeng moo a otla Jesu ka thupa, a re: Na o araba moprista e moholo jwalo na? 23Jesu a mo araba, a re: Ha ke buile hampe, bolela bobe ba ka; empa ha ke buile hantle, o nkotlelang na?
24Anna a ntoo mo romela, a ntse a tlamilwe, ho Kaiafa, moprista e moholo.
25Haele Simone Petrose, o ne a ntse a eme moo, a ikomositse. Yaba ba re ho yena: Ha o morutuwa e mong wa hae le wena na? A latola, a re: Ha ke yena.
26E mong wa bahlanka ba moprista e moholo, e leng wa habo eo Petrose a mo kgaotseng tsebe, a re ho yena: Na ha ke a ka ka o bona le yena tshimong eo na? 27Empa Petrose a boela a latola; yaba mokoko o se o lla.
Jesu o iswa ha Pilato. — Bahlabani ba mo soma. — Pilato o neela Jesu lefu.
28Jwale, ba tloha ho Kaiafa; ba isa Jesu kgotla; e ne e le kameso; empa bona ha ba ka ba kena kgotla ka sebele sa bona, hore ba tle ba se ke ba itshilafatsa, ba tle ba tsebe ho ja Paseka. 29Ka baka leo, Pilato a tswela ho bona, a re: Na le qosa motho eo ka dife? 30Ba araba, ba re ho yena: Hoja enwa hase sesenyi, re ka be re sa ka ra o neela yena. 31Pilato a re ho bona: Mo nkeng e le lona, le mo ahlole ka molao wa lona. Bajuda ba re ho yena: Ha re a dumellwa ho bolaya motho. 32Ya eba hore polelo e boletsweng ke Jesu e etsahale, eo a lekantseng ka yona mofuta wa lefu leo a tla shwa ka lona.
33Yaba Pilato o boela a kena kgotla, a bitsa Jesu, a re ho yena: A o morena wa Bajuda na? 34Jesu a mo araba, a re: Hleka o iqalla taba eo o nnotshi, kapa na ba bang ba o boleletse yona hodima ka na? 35Pilato a araba, a re: Na ke Mojuda, na? Setjhaba sa heno le baprista ba baholo ba o neetse nna; o entseng? 36Jesu a araba, a re: Mmuso wa ka ha o tswe lefatsheng lena; hoja mmuso wa ka o tswa lefatsheng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntwanela, ke tle ke se ke ka neelwa Bajuda; empa jwale, mmuso wa ka hase wa mona. 37Pilato a re ho yena: Ke ho re, o morena na? Jesu a mo araba, a re: O a bolela, ke morena; ke tswaletswe hona, mme ke tletse hona lefatsheng, ke tle ke pake nnete. E mong le e mong eo e leng wa nnete, o utlwa lentswe la ka. 38Pilato a re ho yena: Nnete ke eng?
Eitse hobane a rialo, a boela a tswela ho Bajuda, a re ho bona: Haele nna, ha ke bone molato ho yena, leha o le mong. 39Empa le na le mokgwa wa hore ke le lokollele motho mohla Paseka; na le rata hore ke le lokollele morena wa Bajuda na? 40Ba boela ba howa bohle, ba re: E seng yena; e mpe e be Barabase. Athe Barabase e ne e le sesenyi.

Currently Selected:

JOHANNE 18: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy