YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 17

17
Thapelo ya boprista.
1Jesu a bolela taba tseo, a ntoo lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a re: Ntate, nako e tlile! Tlotlisa Mora wa hao, hore Mora wa hao a o tlotlise le yena; 2hobane o mo neile borena hodima nama yohle, hore bohle bao o mo neileng bona a ba nee bophelo bo sa feleng. 3Mme bophelo bo sa feleng, ke hore ba o tsebe, wena Modimo o nnotshi wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng. 4Ke o tlotlisitse lefatsheng, ke phethile mosebetsi oo o neng o nneile wona hore ke o etse. 5Jwale, wena Ntate, o ntlotlise ho wena ka kganya eo ke neng ke ena le yona ho wena, lefatshe le eso ho be teng.
6Lebitso la hao ke le senoletse batho bao o nneileng bona lefatsheng; e ne e le ba hao, mme o nneile bona, mme ba bolokile lentswe la hao. 7Ba tsebile jwale hobane tsohle tseo o nneileng tsona, di tswa ho wena. 8Hobane ke ba neile dipolelo tseo o nneileng tsona, mme ba di amohetse, mme ba tsebile kannete hobane ke tswa ho wena, mme ba dumetse hore ke wena o nthomileng. 9Ke a ba rapella; ha ke rapelle lefatshe, ke rapella bao o nneileng bona, hobane ke ba hao. 10Mme tsohle tsa ka ke tsa hao, mme tsa hao ke tsa ka; mme ke tlotliswa ka bona. 11Ha ke sa le lefatsheng, empa bona ba sa le lefatsheng; mme nna ke tla ho wena. Ntate ya halalelang, boloka ka lebitso la hao bao o nneileng bona, ba tle ba be bang, jwaloka rona. 12Enere ha ke sa na le bona lefatsheng, ka nna ka ba boloka ka lebitso la hao. Ke sireleditse bao o nneileng bona, mme ha ho le a mong wa bona ya timetseng, haese mora timelo, hore Lengolo le etsahale. 13Empa jwale, ke tla ho wena, mme ke bolela taba tsena ke sa le lefatsheng, hore ba be le thabo ya ka, mme e tlale ho bona. 14Ke ba file lentswe la hao, mme lefatshe le ba hloile, kahobane e se ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe. 15Ha ke o rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa e le hore o ba sireletse bobeng. 16Hase ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe. 17O ba halaletse ka nnete ya hao; lentswe la hao ke nnete. 18Jwalokaha o nthomile lefatsheng, le nna ke ba romile lefatsheng. 19Mme ke ikgalalletsa bona, hore le bona ba halaletswe ka nnete.
20Ha ke rapelle bona feela, empa ke rapella le ba tlang ho dumela ho nna ka polelo ya bona, 21bohle ba tle ba be bang, jwalokaha wena, Ntate, o le ho nna, le nna ke le ho wena; le bona ba be bang ho rona, hore lefatshe le tle le dumele hoba o nthomile. 22Kganya eo o nneileng yona, ke ba neile yona, ba tle ba be bang, jwalokaha rona re le bang; 23nna ke be ho bona, mme wena o be ho nna, ba tle ba phethehe bonngweng, lefatshe le tle le tsebe hoba o nthomile, le hoba o ba ratile jwalokaha o nthatile. 24Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be teng le nna, ba tle ba tadime kganya ya ka, eo o nneileng yona; hobane o nthatile lefatshe le eso ho thewe. 25Ntate ya lokileng, lefatshe ha le a ka la o tseba, empa nna ke o tsebile; le bana ba tsebile hoba o nthomile. 26Ke ba tsebisitse lebitso la hao, mme ke tla nne ke ba tsebise lona, hore lerato leo o nthatileng ka lona le be ho bona, le nna ke be ho bona.

Currently Selected:

JOHANNE 17: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy