YouVersion Logo
Search Icon

II TIMOTHEA 1

1
Tumediso.
1 Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ka baka la pallo ya bophelo bo ho Jesu Kreste; 2ke ngolla Timothea, mora wa ka ya ratwang, ke re: O ke o newe mohau, le lereko, le kgotso, ke Modimo Ntate, le ke Jesu Kreste, Morena wa rona.
Lerato leo Pauluse a ratang Timothea ka lona. — Timothea o kgothatswa hore a tiisetse tumelong le boruting.
3Ke leboha Modimo oo ke o sebeletsang ka letswalo le lesweu, jwaloka bontate moholo, hoba ha ke phetse ho o hopola merapelong ya ka bosiu le motshehare; 4ke ntse ke hopola meokgo ya hao, mme ke lakatsa haholo ho o bona, ke tle ke tlale thabo; 5ke hopola le yona tumelo ya hao e se nang boiketsiso, eo pele e bileng ho Loise, nkgonao, le ho Eunise, mmao; mme le wena ke kgolwa ruri hoba e ho wena.
6Ka baka leo, le jwale, ke sa o hopotsa ho tsosa mpho ya Modimo e leng ho wena ka peo ya matsoho a ka. 7Hobane Modimo ha o a ka wa re nea moya o boi, empa e le wa matla, le wa lerato, le wa kelello. 8Ka baka leo, o se ke wa hlajwa ke dihlong ka bopaki ba Morena wa rona, leha e le ka nna ke leng moholehuwa wa hae, empa o inkele kabelo bohlokong ba Evangeli ka matla a Modimo, 9o re bolokileng, o re bitsitseng ka pitso e halalelang, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka morero wa wona o tiileng le ka mohau oo re sitsitsweng ka wona ho Jesu Kreste, mehla ya bohloleho e eso ho qale; 10mme jwale, o tswa pepeswa ka ho hlaha ha Mmoloki wa rona Jesu Kreste, ya fedisitseng lefu, a bea bophelo le ho se shwe leseding ka Evangeli, 11eo ke beilweng mmoledi le moapostola wa yona, le moruti wa ditjhaba. 12Hape, e sa le ka baka leo ke utlwiswang bohloko boo; empa ha ke hlajwe ke dihlong ke hona, kahobane ke tseba eo ke mo dumetseng, mme ke kgolwa ruri hore o na le matla a ho mpolokela seo ke se beileng ho yena, letsatsi lela le be le tjhabe.
13O tiisetse mohlaleng wa ditaba tsa pholoho tseo o di utlwileng ho nna, tumelong le leratong le ho Jesu Kreste. 14O boloke ka Moya o Halalelang, o ikahetseng ho rona, letlotlo le molemo le beilweng ho wena.
15O a tseba hobane bohle ba Asia ba mphuraletse; hara bona ho na le Figele le Hermogene. 16Morena a ke a hauhele ntlo ya Onesifore; hobane o ntshedisitse hangata, mme ha a ka a ntlhabelwa ke dihlong ka baka la mahlaahlela a ka; 17empa mohla a fihlang Roma, o mpatlile ka mafolofolo, a ba a mphumana. 18Morena a mo fumanise mohau pela Morena, ka tsatsi lela. Tsohle tseo a ntshebeleditseng Efese ka tsona, di tsejwa ka ho fetisisa ke wena.

Currently Selected:

II TIMOTHEA 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy