YouVersion Logo
Search Icon

I MARENA 1

1
Puso ya Salomone, 1 — 11.
Ho tsofala ha morena Davida. — Adonija mora Davida o rata ho iketsa morena. — Salomone o bewa ke ntatae Davida morena tulong tsa hae.
1Morena Davida o ne a se a tsofetse, a hodile haholo, mme leha a ne a apeswa ka dikobo, o ne a sa futhumale. 2Bahlanka ba hae ba mmolella, ba re: Morena, monga rona, ha e batlelwe morwetsana, a tle, a eme pela morena, a mmoloke; a robale sefubeng sa hao, hore morena, monga rona, a ke a futhumale. 3Ba batla jwalo morwetsana e motle naheng yohle ya Iseraele, ba fumana Abishage wa Shuneme, mme ba mo tlisa ho morena. 4Morwetsana eo o ne a le motle haholo. A boloka morena, a mo sebeletsa; empa morena a se ke a mo tseba.
5Yaba Adonija, mora Haggithe, o ikgohomosa, a re: E tla ba nna morena. A ipatlela makoloi, le bapalami, le banna ba mashome a mahlano ba mathang pela hae. 6Empa ntatae o ne a sa ka a mo kgalemela le ka mohla o le mong, ka ho re: O etsetsang jwalo? Hape o ne a le motle haholo; ho tswalweng, o ne a hlahlama Absalome. 7Adonija a rera le Joabe mora Tseruja, le Abiathare moprista, ba tlatsa Adonija, ba mo latela. 8Empa moprista Tsadoke, le Benaia mora Jehojada, le moporofeta Nathane, le Shemei, le Rei, le bahlabani ba Davida, ha ba ka ba emela Adonija. 9Adonija a hlabaka dinku le dikgomo le tse nonneng lefikeng la Sohelethe, le pela Ene-Rogele, a bitsa banababo bohle bao e leng bara ba morena, le banna bohle ba Juda, bahlanka ba morena. 10Haele moporofeta Nathane, le Benaia, le bahlabani, le Salomone ngwanabo, ha a ka a ba bitsa.
11Ebile moo Nathane a bolellang Bathe-Sheba, mmae a Salomone, a re: Na ha o eso ho utlwe hore Adonija, mora Haggithe, o ipeile morena, athe Davida morena wa rona ha a tsebe? 12Tloo jwale, nke ke o eletse, o tle o boloke bophelo ba hao le ba mora hao Salomone. 13Eya, o kene ka ho morena Davida, o mmolelle, o re: Oho morena, monga ka, na ha o a ka wa hlapanyetsa lekgabunyane la hao, wa re: Salomone, mora hao, o tla busa kamora ka, a dule teroneng ya ka na? Ho ya kang, ha Adonija e le morena? 14Bona, o tla re o sa bua le morena, le nna ke tla kena kamora hao, ke tiise mantswe a hao.
15Bathe-Sheba a kena ka ho morena, ka tlung e kahare. Morena o ne a tsofetse haholo, mme Abishage wa Shuneme o ne a ntse a sebeletsa morena. 16Bathe-Sheba a kgumama, a inama pela morena. Morena a re: Taba ya hao ke efe? 17A mo araba, a re: Monga ka, o ne o hlapanye ka Jehova, Modimo wa hao, wa re ho nna lekgabunyane la hao: Salomone, mora wa hao, o tla busa kamora ka, a dule teroneng ya ka. 18Mme jwale, Adonija ke enwa e le morena, athe wena, morena, monga ka, ha o tsebe. 19Adonija o bile o hlabakile, dikgomo, le tse nonneng, le dinku tse ngata, mme o bitsitse bara bohle ba morena, le moprista Abiathare, le Joabe, molaodi wa makgotla; athe ha a ka a bitsa Salomone mohlanka wa hao. 20Oho morena, monga ka, mahlo a Baiseraele bohle a shebile wena, hore o ba tsebise hore e tla ba mang ya tla dula teroneng ya morena, monga ka, kamora hao! 21Ha ho se jwalo, etlare morena, monga ka, ha a se a orohetse ho bontatae, re tla etswa ba molato, nna le mora ka Salomone.
22A re a sa bua le morena, ha bo ho se ho kena moporofeta Nathane. 23Ha tsebiswa morena, ha thwe: Moporofeta Nathane ke enwa. A kena ka ho morena, a kgumama fatshe pela morena ka sefahleho. 24Nathane a re: Morena, monga ka, hleka ke wena o itseng: Adonija e tla ba morena kamora ka, a dule teroneng ya ka na? 25Ke rialo kahobane Adonija kajeno o theohile, o hlabakile dikgomo, le tse nonneng, le dinku tse ngata; o bitsitse bara bohle ba morena, le balaodi ba makgotla, le moprista Abiathare, mme ke bao, ba ja, ba nwa pela hae, ba re: Ha ho phele morena Adonija! 26Haele nna mohlanka wa hao, le moprista Tsadoke, le Benaia mora Jehojada, le Salomone mohlanka wa hao, ha a ka a re bitsa. 27Oho morena, mong a ka, na taba eo e tswa ho wena na, athe ha o eso ho ntsebise nna, ke leng mohlanka wa hao, hore e tla ba mang ya tla dula teroneng ya morena, monga ka, kamora hao?
28Yaba morena Davida o araba, a re: Mpiletseng Bathe-Sheba. A kena ka ho morena, a ema pela hae. 29Morena a hlapanya, a re: Ka Jehova ya utlwang, ya nnamoletseng tsietsing tsohle, 30kajeno ke tla etsa kamoo ke o hlapanyeditseng kateng ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ka re: Kannete, Salomone mora hao e tla ba morena kamora ka, a dule teroneng ya ka tulong tsa ka. 31Bathe-Sheba a inama, a kgumama fatshe ka sefahleho pela morena, a re: Ha ho phele morena Davida, monga ka, kamehla!
32Yaba morena Davida o re: Mpiletseng moprista Tsadoke, le moporofeta Nathane, le Benaia mora Jehojada. Yaba ba kena ka ho morena. 33Morena a ba bolella, a re: Nkang bahlanka ba mong a lona, le kallise Salomone, mora ka, esele ya ka; le mo theosetse Gihone; 34a tlotswe teng ke moprista Tsadoke le moporofeta Nathane, e be morena wa Iseraele; le letse terompeta, le re: Ha ho phele morena Salomone! 35Le ntoo kgutla le mo latetse, a tle a dule teroneng ya ka, mme a buse tulong tsa ka; ke mo laetse hore e be modisa wa Iseraele le Juda. 36Moo Benaia, mora Jehojada, a araba morena, a re: Ho be jwalo! Jehova, Modimo wa morena, monga ka, ha a ke a rialo le yena! 37Jwalokaha Jehova a bile le morena, monga ka, a be le yena Salomone jwalo, mme a phahamise terone ya hae ho feta terone ya morena Davida monga ka!
38Jwale, moprista Tsadoke ba theoha le moporofeta Nathane, le Benaia mora Jehojada, le Bakerethe le Bapelethe, mme ba kallisa Salomone esele ya morena Davida, ba mo isa Gihone. 39Moprista Tsadoke a nka lenaka la ole tenteng, mme a tlotsa Salomone; ha letswa diterompeta, mme batho bohle ba re: Ha ho phele morena Salomone! 40Batho bohle ba mo latela, ba letsa diphala, ba nyakaletse haholo, lefatshe la ba la reketla ke modumo wa bona.
41Adonija le bohle ba memilweng ke yena, hobane ba qete ho ja, ba utlwa. Le yena Joabe a utlwa modumo wa diterompeta, a re: Lerata leo hara motse le moferefere ke wang? 42A re a sa bua, a bona Jonathane, mora moprista Abiathare, a etla. Adonija a mmolella, a re: Kena hobane o monna ya matla, o tlisa ditaba tse monate. 43Jonathane a araba Adonija, a re: Morena Davida, monga rona, o beile Salomone morena; 44morena o romile le yena moprista Tsadoke, le moporofeta Nathane, le Benaia mora Jehojada, le Bakerethe le Bapelethe, mme ba mo kallisitse esele ya morena. 45Moprista Tsadoke le moporofeta Nathane ba mo tlotsitse Gihone hore e be morena, mme ba kgutlile teng ba thabile, motse wa ba wa dumaela ke hona; ke lona lerata leo le le utlwileng; 46Salomone o bile o dutse teroneng ya mmuso. 47Hape bahlanka ba morena ba tlile ho boka morena Davida, monga rona, ba re: Modimo wa hao o hodise lebitso la Salomone ho feta lebitso la hao, mme o phahamise terone ya hae ho feta terone ya hao; le morena o bile a kgumama phateng tsa hae. 48Hapehape ho itswe ke morena: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele, hobane kajeno o nneile e mong, hore a dule teroneng ya ka, mahlo a ka a mmona!
49Yaba bamemuwa bohle ba Adonija ba tshoha, ba tloha, ba ikela e mong le e mong ka tsela ya hae. 50Adonija a tshaba Salomone; a tloha, a ya tshwara dinaka tsa aletare. 51Salomone a tsebiswa, ha thwe: Bona, Adonija o tshabile morena Salomone; ke eo, o tshwere dinaka tsa aletare, o re: Morena Salomone a ntlhapanyetse kajeno hore a ke ke a bolaya mohlanka wa hae ka lerumo. 52Salomone a re: Ha a ka tsamaya jwaloka motho ya kgabane, ha ho qoba le e nngwe ya moriri wa hae e tla wela fatshe; empa ha ho ka fumanwa molato ho yena, o tla shwa. 53Ebile morena Salomone o romela ho mo theola aletareng; Adonija a tla, a inama pela morena Salomone, mme Salomone a mmolella, a re: Ikele ha hao.

Currently Selected:

I MARENA 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy